Ka le leng la matsatsi eitse ha Kgudu Manka a ntse a lelera le naha, a kopana le Mmutla.

“Hela monna Manka, ekaba o batlana le eng hara thota tje?” Ho botsa Mmutla a tletse pososelo ka mahlong.

Manka o ne a le tseleng ho ya ho bona metswalle ya hae e leng Makena le Mashodu.

“Monna Mmutla, ha o mpona ke le tje, ke ntse ke ikwetlisetsa mojao o moholo o tlang haufinyana”. Ho tjho Manka a kgakanya Mmutla.

Mmutla a hana ho utlwa taba tsa mojao yaba o a qhalana ke ditsheho a ba a kakalla.

“Manka, ha o tsebe ho matha, jwale o tlo kenela mojao jwang na, nna nka o siya feela ke tsamaya, ke sa mathe le ho matha,” Mmutla a rialo a ntse a kganngwe ke ditsheho.

Ka nako eo, Manka o ne a se a lekehile hoba jwale Mmutla o ne a mo tshwarelletse tseleng ya ho ya ho bona metswalle ya hae. “Kena le kakanyo … hee monna Mmutla, hosane hoseng ka matjeke, ha re nke mojao wa lebelo nna le wena. Feela nna ka hobane lebelo la ka le ka metsing, ke tla reisa le wena ke sesa ka metsing, ha wena o tla be o matha ka ntle ho metsi,” Manka a tshwaela ho Mmutla.

Mmutla a se qeaqee, a dumela kakanyo eo ya Manka hanghang. 

Ba dumellana ka nako le sebaka seo mojao oo wa bona o tla etsahalang teng ba ntano arahana. Ka nako eo, Manka o ne a se ntse ana le leqheka leo a neng a le nahanne.

Manka ha a fihla ho metswalle ya hae, a ba qoqela tse etsahetseng tseleng. Eitse hoba ba utlwe hore Manka le Mmutla ba nkile qeto ho reisa, ba shwa ke ditsheho.

“Motswalle, rea tseba kaofela hore Mmutla o lebelo mme rona lebelo ke ntho e re se nang yona hohang,” Mashodu a rialo a mo neeletsa kopi ya metsi.

“Ke a tseba metswalle ya ka, feela kena le leqheka mme ke hloka thuso ya lona.” Ho tjho Manka.

Mmutla le Manka ba ne ba dumellane hore mojao wa bona o tla qala moo noka e qalang teng, ba iphaphite ka yona ho fihla moo e fellang teng.

“Wena Makena, ke o batla mo noka e qalang teng, e leng mo mojao o qalang. Hanghang ha Mmutla a fihla, wena o kene ka metsing, o qwele o ntano sesa,” Manka o rialo ho Makena a tshwere sephetshwana sa pampiri le pene. “Wena Mashodu ke o batla hantle mahareng a noka mme etlare ha o bona Mmutla a ntse a atamela, o kene ka metsing le wena. O hlahise hlooho feela hore Mmutla ao bone, o ntano qwela o be o tswela pele o sesa,” haa rialo Manka, o ne a tletse lebonyo le makatsang. “Nna ke tlabe ke emetse Mmutla tlase mo noka e fellang teng, motswalle wa rona Mmutla o tla nthola moo,” ke Manka eo a hlalosa leqheka la hae ho metswalle ya hae.

Tsatsi la mojao la fihla mme Manka le metswalle ya hae ba kopana mo noka e qalang. Makena a sala moo, Manka le Mashodu ba tsamaya ba iphaphita ka noka mme ha ba fihla mahareng, Mashodu a sala teng. Manka yena a tsamaya a ba a fihla mo noka e fellang teng, a kena ka metsing moo a hlahisitse hlooho hore a bone Mmutla ha a tla. 

Ka nako eo, Mmutla a fihla mo mojao o qalang teng. Haa fihla a bona Kgudu a se ntse a itukisetsa ho kena ka metsing. Ene ele Makena eo empa a ikgakantse

“Monna Kgudu, o di rahile dikobo, mathata ke hore o tlo sala tsatsing lena,” Mmutla a tjho jwalo a ntse a qhoma qhoma nqa ele nngwe. Yaba Makena ha a mo natse, a kena ka metsing, a qwela a ntano qala ho sesa.

Mmutla a qalella ho matha ebile a matha a sa tiisa. Yaba ha a ya a shebile mahareng a noka, Mashodu a mmona, a kena ka metsing a hlahisa hlooho feela. Eitse hoba Mmutla a mmone, a qala ho tshoha. “Ebe Manka o sesa ka lebelo le lekana, ke tlameile ho tiisa jwale, nkeke ka siuwa ke Kgudu,” Mmutla o touta a le mong hoba a bone Kgudu a boela a qwela mme a qalella ho sesa. 

Mmutla a ntsha lebelo la hae kaofela ha a lepella a ya a lebile mo noka e fellang teng. Manka a bona Mmutla a theosa a thunteditse marwele ho tla mo mojao o fellang mme eitse hoba a bone hore Mmutla o se a atometse, a tswela ka ntle ho metsi a ipolaisitse ditsheho. Mmutla a fumana Kgudu a se a mo emetse mo mojao o fellang teng.

“Mmutla, ke o siile le haele mona o ne o nkemelletse o nsoma o re o tla nsiya,”ho rialo Manka. Mmutla o ne a kgathetse a hemela hodimo mme yaba ho tloha mohlang oo, o hlompha Kgudu.