Pale ena e bua ka bophelo ba morwetsana a hodiswang ke mmae le monna a keneng dieteng tsa ntatae. Monna enwa o hlekefetsa mme wa morwetsana mmeleng le moyeng. Morwetsana o se a kena sekolong se phahameng, o etsa sehlopha sa ho qetela teng. Ha monna enwa a qetelletse ka ho fenetha mmae, morwetsana o iphumana a hloka lehae mme e le mokopakopa mebileng ya toropo e haufi le moo a neng a dula teng. Pale ena e senola bokgopo ba batho ba bontate ho batho ba bomme le bana. E boele e re bontshe hore ho na le batho a ntseng ba ena le mosa, jwalo ka ngaka e ileng ya thula morwetsana ka koloi, mme ya se balehe boikarabelo ba kotsi eo e neng e e bakile. E ile ya mo oka ho fihlela a kgutlela boeneng.