Letsatsi la fihla, letsatsi la ho kgutla ha Yongama, morerong wa hae o sa tsejweng. Liyabona o ne a batla ho itulela lapeng. Empa o ne a sa batle ho fetwa ke thuto e kopanyang dinako tse pedi ya Senyesemane, moo ba neng lokela ho ngola teko ya bohlokwa. Ka hona a tlameha ho ba teng, a mametse ditshebo le ho bona batho ba nyakalletseng.

Bohle ba ne ba tletse ka holong ya pokano. Jwale ke elwa moo a emeng teng, jwalo feela ka ha ba ne ba mo tseba, ka moriri wa hae o mokgutshwane haholo le maoto a hae a bokejakejane. O ne a bososela ha a bona batho bohle. Pela hae e ne e le lebokose le kwahetsweng ka pampiri e mmala o mofubedu le wa gauta.

Qetellong, kamora hore Mosuwehlooho a etse ditsebiso, Yongama a tla ka pele.

“Ke motlotlo ho kgutlela mona kajeno,” a rialo. “Ke dula ke le hlolohelwa kaofela.”

“Re a o hlolohelwa le wena, sweetie,” Akhona a hweletsa a le pela Liyabona, mme bohle ba tsheha, le bona ba qalella jwale, “Ke a o hlolohelwa le nna sweetie,” ho fihlela Mosuwehlooho a ema ho ba kokobetsa.

“Kajeno,” ho phatlalatsa Yongama, “kajeno ke mona ho … bua ka ditshila.”

Ho ile ha tlameha hore ho be ho eme Mosuwehlooho le matitjhere a mabedi le ho shebeha ba halefile hore ba emise ho tsheha le ho bapadisa mantswe a hae. Qetellong bohle ba kgutsa.

“Ke kgutletse mona ho tla qala ntho e itseng,” a rialo. “Ho qala ntho ya bohlokwa. ‘Tlelapa ya bointlafatso ya sekolo’, e shebanang le sekolo ho sheba hore na se ka ntlafatswa jwang. Mme ntho ya pele ke hore re tlo etsa,” a rialo, a ba shebile ka ho qaboha mme a phahamisa lebokose le phuthetsweng ka mabaibai, a bososela, “ntho ya pele eo re tlo e etsa ke…”

“Ho ba le tlhodisano ya tantshi!” ha hweletsa motho e mong.

“Ho qala tlhodisano ya papadi ya bolo ya maoto,” ha tjho e mong.

“Ho qala Mofumahatsana le Monghadi Sol Plaatje High!” ha tjho e mong.

“Tjhe,” ke Yongama eo. “Ntho ya pele eo re tlo e etsa ke ho hlwekisa matlwana. Le ho lokisa mamati le diloko.” Mme ka seo a bula mpho e phatsimang. A phahamisa maborashe a ntlwana, ditlelafo tsa polasetiki le dintho tse hlwekisang, sekerufudraeva, diloko – mme banana ba nyebella ke ho phoqeha. Bashemane ba nyefola.

EmpaYongama a phahamisetsa letsoho la hae moyeng hore ba kgutse mme kapele bohle ba emisa ho etsa lerata.

“Ha se hantle hore matlwana a rona a be boemong boo a leng bona,” a rialo.

“Re hloka bahlwekisi ba eketsehileng! Hobaneng re tlameha ho itlhwekisetsa wona borona?” moshemane e mong wa Kereite 12 a hweletsa.

Yongama a mo supa. “O nepile haholo, Kabelo. Ha se hantle. Re tshwanela ho etsa toyi-toyi ya matlwana jwale.” A phahamisa letsoho ho kgutsisa letsheho hape. “Empa re tlameha ho se etse toyi-toyi ka nako ya sekolo. Seo se tla senya thuto ya lona. Re tlameha ho sututsa Lefapha hore le ntlafatse sekolo sa rona. O nepile. Bana ba kenang dikolong tse ruileng, ha ba hloke ho hlwekisa matlwana a bona. Ba kgona ho shebana le dithuto tsa bona hantle. Empa thuto ya rona e a senyeha ka lebaka la matlwana.”

A ema a shebile bohle, mme ba ne ba kgutsitse, ha ba emetse mantswe a hae a latelang. “Ha ho motho ya ratang ho ya ntlwaneng mona. Banana ba bang ha ba nwe metsi e le hore ba se hloke ho ya ntlwaneng. Sena ha se a loka bakeng sa thuto ya bona. Ha ba kgone ho tsepamisa maikutlo dithutong. Matlawana a rona a hlabisa dihlong. A bodile. A etsa hore sekolo sa rona e be sebaka se hlokang thabo, se nkgang mme se sa lokang bakeng sa thuto ya rona. Mme re batla hore thuto ya rona e ntlafale – hona jwale.

“Jwale ha re ntse re tseka ho fumana matlwana a mang, matlwana a lokileng, re tlameha ho ntlafatsa sekolo sa rona hona jwale. Hona jwale matlwana a ditshila le ho ba kotsi. Banana ba sebedisa matlwana a bashemane. Mme ha ho na diloko. Ho se ho bile le diketsahalo tse mpe, jwalo ka ha le tseba.”

Liyabona a honyela kahare. Hobaneng a tlameha ho bua ka see hape? A inamisa hlooho hore a se kgone ho mmona.

Empa a nna a tswela pele ho bua. “Ka hona ke theha komiti ya ho hlwekisa. Hobane dintho tse kgolo di ka hlahiswa ka ho etsa diphetoho tse nyane.”

Bohle ba ne ba hweshetsa. Ba bang ba mo tshehetsa, ba bang ba ne ba sa mo tshehetse. Liyabona yena? Oh, o ne a mo tshehetsa.

Akhona a mo kgwatha. “O tshwana le wena, kgotsi, o rata matlwana jwalo ka wena. O lokela ho iteanya le yena. Mme le ka kgona ho fumana lerato hona moo ha le ntse le hlatswa mantle!” Liyabona ha a ka a tsheha. Hobane o ne a sa batle ho iteanya le yena. Empa hape o ne a se a sa batle ho bona sefahleho sa hae hape.

“Jwale ke batla baemedi ba bonyane bohlano ho tswa kereiting e nngwe le e nngwe,” a rialo. “Kopanang le nna hona jwale, kamora pokano, mme ke tla fumana mabitso a lona le dinomoro. Mme re tla lokela ho sheba matlwana ho bona hore a hloka eng.

“Mme qetellong,” a re, “ha re qetelleng ka ntho e nngwe e fapaneng, e thabisang. Le a tseba hore re na le seroki hara rona. Ha le tsebe hore na ke bile motlotlo hakae ha ke bala hore o hapile kgau e kgolo ya naha ya dithothokiso ya FunDza. Ke lakatsa ho mo kopa hore a bale dithothokiso tsa hae hore re kwale pokano ya rona.”

Ka tshohanyetso mahlo ohle a ba hodima Liyabona jwale. A honyella morao. “Ha ke a tshwara thothokiso mona,” a hweshetsa.

“Ha ho na taba haeba ha o na khopi,” ha tjho Yongama. “Ke tshwere khopi mona.” Mme a phahamisa buka.

Butlebutle Liyabona a ya ka pele ho sekolo ho bala thothokiso ya hae, a tshohile. Empa hape, ha a ntse a e bala a ikutlwa a phutholohile, a natefelwa ke ho bitsa mantswe a hae ka ho hlaka sepakapakeng se kgutsitseng ka hodima lewatle la difahleho tse ka tlase ho yena.

Ha a qala mola wa pele, a nyemotsa Yongama pela hae. O ne a mo shebile ka thahasello. A oma hanyane ka hlooho, le pososelo e nyane. O ne a tseba hore thothokiso eo e ngoletswe yena.

***

Re jwetse: Na o dumela hore o ka etsa diphetoho tse kgolo ka ho qala hanyane ka dintho tsa motheo? Na o na le mehlala ya letho?