Bohle ba tswa ho ya kgefung kamora pokano. Liyabona a qala ho tswa le yena, empa Yongama a mo hulela kahare. “Thothokiso eo,” a tjho. “Ke e badile mme ka lemoha hore ha o a mpolella pale e feletseng. Ho etsahetseng?”
“Ke lekile ho o jwetsa,” ho tjho Liyabona. “Empa ha o a mamela.”
A fellwa ke moya. “Seo ke ntho eo ke lokelang ho e tseba ka nna,” a rialo. “Ka nako e nngwe ha ke mamele hobane ke shebana le seo ke tsebang haholo hore ke yona ntho e nepahetseng ho ka etswa.”
A mo jwetsa se etsahetseng. “Ke dumela hore re ka be re kgonne ho sireletsa kgaitsedi ya hao,” a tjho.
“Ha ke na bonnete,” a araba. “Dumile o na feela a tiile. O ne a tseba hore ke dula hokae.” A sheba fatshe. “Empa jwale ka ikutlwa ke sa thaba ha ngwanana elwa e mong a hlaselwa.” Dikgapha tsa tlala ka mahlong a hae mme a di hlakola.
Ba ne ba se ba sa kgone ho bua hobane jwale ba ne ba se ba dikilwe ke bana ba bang ba neng ba batla ho kenela komiti ya ho hlwekisa, ba kenyeletsang Kwezi. Ho ne ho na le batho ba bonyane leshome kereiting ka nngwe.
“Ke thabile ha le tlile kaofela,” Yongama a rialo. “Mme ha re na ho etsa mosebetsi o boima feela. Re ka inatefisa hape.” Sehlopha sa otla lehofi, mme Yongama a ngola mabitso a bona fatshe, a hlophisa nako ya kopano ya bona ya pele. Bohle ba theohela matlwaneng ho ya fumana tjhebo ya nnete le ho rera mosebetsi.
“Ha re yeng,” Yongama a tjho ho Liyabona, ka hona a tsamaya pela hae, kamora Mosuwehlooho. Mosuwehlooho a kena ka matlwaneng pele mme a tswa a shebeha a nyarohile.
“Sena se sebe haholo,” Mosuwehlooho a tjho. Liyabona a lemoha hore le ka mohla o ne a eso ka a bona boemo ba wona pele ho mona.
“Re tla ngola fatshe tse hlokang ho thibollwa, e le hore o kgone ho fumana polambara,” Yongama a mo araba. “Mme jwale re tla bontsha Lefapha ka sena haeba o batla hore re etse jwalo.”
“Ke tla bona hore re ka etsang,” ha tjho Mosuwehlooho, a ntse a shebeha a nyarohile. “Ke ne ke sa tsebe hore dintho di mpe hakana. Mme ha le qala ke tla romela Archie le mekotlana ya polasetiki e metsho, le dintho tse ding tsohle tseo le ka di hlokang. Hape, ke nahana hore le hloka ho sebetsa mmoho le Boto ya Tsamaiso ya Sekolo. Ba ka nna ba le fa maikutlo le tataiso ya hore le etseng.” Yaba o a tsamaya.
“Ha a kgone le ho mamella motsotswana feela,” e mong wa baithuti a honotha.
“Ho lokile mathaka,” Yongama a tjho ho bona bohle. “Ke tla le bona hape ka Labone, ha sekolo se tswa feela. Re tla qala ka nako eo. Ke a tseba hore ha le dipolambara, le se tshwenyehe, re tla etsa seo re ka se kgonang feela. Mme,” a re, a shebile mengolo e maboteng, “ke tla tla le pente hape.”
Ba bang bohle sehlopheng ba tsamaya ho ikela kgefung, mme ba sala ba le babedi hape, bona feela. “Ke ne ke hlolohetswe sena,” Yongama a rialo. “Koletjheng ho monate, empa ke hlolohelwa batho, ke hlolohelwa–”
“O hlolohelwa ho ba mpodi le ho jwetsa batho hore ba etseng,” ho tjho Liyabona, a mo tlaka.
A bososela. “O nepile,” a rialo. “Ke hlolohelwa boikutlo ba ho ba moetapele, ho ba motho e mong ya tla tlisa phapang. Ke ka hona ho leng monate ho etsa sena.” A mo thetsa sephakeng. “Kenela komiti. Ho ka ba monate ho ba le wena.”
“Ho lokile,” a dumela. Na see se ne se bolela hore o a mo rata? Kapa o ne a itlhokela matsoho a mang hape bakeng sa matlwana? “Bonnete e bile ke na le thothokiso eo ke e ngotseng ka matlwana – ka wona matlwana ana a nkgang,” a rialo.
“Ke hantle hakakang,” Yongama a tjho. “Ke tshepa hore re ka e sebedisa ha re etsa letsholo la rona ho Lefapha.” A nka nomoro ya selefounu ya Liyabona. Dinomoro tse ding o ne a di ngotse lenaneng. Empa ena, Liyabona a bona, hore o e kentse selefounung ya hae.
Ba otlolla maoto mmoho ho ya kapele ho sekolo. Yaba o a ema, mme a sheba Liyabona. “Mohlomong re ka ngola thothokiso mabapi le se seng hape,” a rialo, yaba o mo pholla lerameng. “Mohlomong o ka ngola thothokiso ka nna.”
“Ke tla ngola ke reng?” Liyabona a utlwa pelo ya hae e otla kapele, empa e seng ka tsela ela ya kgale ya tshabo le dihlong. Jwale e ne e le ya ho nyakalla.
“Tjhe, ke tla o tlohella hore o inkele qeto ka seo,” a rialo. “Ke a tshepa e tla ba thothokiso e thabisang kgetlong lena. Wa tseba keng. Etlo re otlolle maoto mmoho hoseng ka Moqebelo. Hore o nahanise thothokiso ya hao. Mme jwale o tla kgona ho etsa qeto hantle mabapi le hore ke mofuta ofe wa thothokiso oo o batlang hore e be wona.”
A bososela, a oma ka hlooho. Ka yona nako eo Motlatsi wa Mosuwehlooho a hlaha. “Ah, Yongama, ke ntse ke o batla. Ke leboha haholo. Re batla ho o kopanya le modulasetulo wa Boto ya Tsamaiso ya Sekolo hore le kgone ho hlophisa kopano mabapi le taba ena.”
“Ke tla o letsetsa,” Yongama a dumellana ha a ntse a tsamaya le Motlatsi wa Mosuwehlooho.
Kamora sekolo Liyabona a kopana le kgaitsedinyana ya hae jwalo ka ka tlwaelo. O ne a kgehlilwe ke Yongama haholo ka nnete. “Na o bone hore batho ba bang kaofela ba mo mamela ka hloko jwang, Liya? Ke sebui se matla.”
Founu ya Liyabona ya lla mme a sheba molaetsa.
“Keng o bososela le founu ya hao, Liya?” Kwezi a botsa.
A sisinya hlooho. “Ha ho lebaka. Ako mpolelle hore o bile le letsatsi le jwang, Kwezi. Na le ne le matha hape ka nako ya kgefu?”
Empa o ne a sa mo mamela ha kaalo. O ne a ikgopoletse mantswe a SMS a reng:
ke lebeletse moqebelo.
Ke tshepa hore o tla ngola thothokiso ya lerato …
***
Re jwetse: Yongama o dumela hore ha se kamehla a mamelang. Ke hobaneng o nahana hore ho bohlokwa ho mamela batho ba bang ka hloko?