Selemo se latelang Liyabona a fetela Kereite 11, mme Yongama a qeta sekolong, mme a ya yunivesithi, a etsa thuto ya hae ka basari, kaha a ne a pasitse hantle haholo Kereite 12. Jwale ho ne ho se ho se na Dumile, mme ho se na Yongama ho mo hopotsa ka dihlong tsa hae le bokwala. A qala ho lebala ka selemo se fetileng.

Mme jwale kgaitsedinyana ya hae e ne e le Kereite 8. E ne e ya sekolong le yena, mme e ne e thabile! O ile a etsa setswalle le sehlopha sa bashemane ba neng ba le banyane hanyane bakeng sa dilemo tsa bona, mme ba ne ba qoqelana dipale tsa ditshwantsho tseo ba di bohileng thelevisheneng, mme ba hlodisna ka mabelo ka nako ya kgefu ho bona hore ke mang ya kgolang tlhako ho feta ba bang. O ne a mmona a feta a matha, mme a tsheha le bashanyana ba bang terateng ya sekolo moo lebelo la bona le fellang teng.

Ka nako e nngwe leha ho le jwalo, o ne a lora ka Dumile, mme a mo setse morao. Hape ha nngwe o kile a lora le ka Yongama. O ne a le ka letamong le leholo la metsi mme a hweletsa Yongama, empa o ne a sa mo utlwe mme a ipapalla bolo ya maoto le bashanyana ba bang lebopong la lewatle. Yaba o lemoha hore ha a kgone ho mo utlwa hobane ha a kgone ho etsa lerata la letho, leha a ne a leka ha kaalo o ne a sa kgone ho ntsha lerata la letho molomong wa hae. Ha a qala ho qwela metsing a phaphama ka ho nyaroha torong ya hae a tshohile.

Empa ha letsatsi le qala, mme a phathahane ke dintho tse ding tse mo hlokang tsa sekolo le bophelo, o ile a lebala ka Dumile, leYongama.

Morao kwana sekolong matlwana a ne a sa ntse e nyontsha. Ka kgefu e nngwe banana ba bona hore ho na le motho ya ngotseng mahlapa ka senyanyatsi sa ho taka maboteng ohle a matlwana, diiponeng tse pshatlehileng, le difolurung. Pokanong e latelang Mosuwehlooho o ne a halefile. “Haeba ho na le motho ya tsebang letho ka taba ena,” a hweletsa, “o tlameha ho tla ho nna hona jwale!”

Thuto e latelang e ne e le ya Life Sciences. Moshanyana wa Kereite 8 a hlaha monyako.

“Mosuwehlooho o batla ho bona Liyabona.”

“Ooh, Liya, o entseng jwale?” ho tjho Akhona. “O dula o le ditabeng!” Batho ba bangata ba tsheha. Liyabona o ne a rehilwe lebitso la boswaswi la ‘ngwanana ya lokileng’ hobane kamehla o ne a etsa mosebetsi wa hae mme a leka ho atleha ka mehla sekolong.

“Oh, ke Liyabona ya pentileng mantswe ao ohle matlwaneng. Jwale re a tseba,” yaba moithuti e mong o a swaswa.

Liyabona a leka ho ja masapo a hlooho ha a tla a setse moshanyana eo morao. Ebe Mosuwehlooho a ka batla ho mmona ka mabaka afe? E ke ke yaba o dumela hore ke yena a pentileng mabota a matlwana ka mahlapa? A qala ho ikutlwa a tsitsipana.

Empa Monghadi Sibanda o ne a bososela. “Ditebohelo, ngwananyana wa ka. Ke sa tswa letsetswa ke FunDza Literacy Trust. O hapile kgau ya tlhodisano ya bona ya dithothotkiso, mme ba batla ho tla sekolong mona ho tla o abela yona.”

Liyabona o ne a se a lebetse thuwe ka tlhodisano eo a e kenetseng. O ne a sa kgolwe. “Mme,” Monghadi Sibanda a tswelapele, ba tlo phatlalatsa pokello ya bona ya mesebetsi ya dithothotkiso e rometsweng ke baithuti. Ka hona o tla ba mongodi ya phatlaladitsweng!”

Pokanong e latelang o ile a bitswa ho tla bala thothokiso ya hae – ke ela e mabapi le mebala ya bothokwa. O ne a ikutlwa tshaba. A nahana hore e ka nna ya busetsa mehopolo ya hae morao selemong se fetileng, ya mo kgutlisetsa mehopolo eo e mebe kaofela. Empa ha a ema kapele ho bana bohle a fellwa ke letswalo lohle,a bua mantswe a hae ka lentswe le phahameng, a bontsha maikutlo.

Bohle ba otla mahofi, Akhona a didietsa. Ba ne ba mo kopa hore a phete e nngwe hape, ka hona a etsa jwalo, e nngwe e mabapi le thabo, e mabapi le botswalle, le metswalle ya hae Akhona le Nosi. Sekolo se ratile sena le ho feta mme bohle ba otla mahofi le ho letsa melodi, mme Akhona a hweletsa a re “Ke nna eo!” nako le nako ya lebitso la hae le hlaha thothokisong.

Yaba Liyabona o memelwa tlhodisanong ya dithothokiso sekolong se seng motsetoropong, moo a ileng a pheta tthothokiso ya hae. Letshwele la otla mahofi le sa qete, mme a hlaha bobeding.

Pele a tloha ho ya palama a kgutlela lapeng, a pota ntlwaneng. O ne a se a tlwaetse matlwana a hlokang loko lemating hoo a lebetseng ho notlela ntlwana ya hae. Hang a tshoha a bona seriti, mme letsoho le bula lemati. Ka nako ya motsotswananyana a hopola sefahleho sa Dumile se mo betletseng meno se feta ka kelellong ya hae mme a hweletsa – mme yaba o bona ngwanana e monyane wa lekgowa a tjhetjha, a tshohile hoo a neng a retetse.

“Ke maswabi, ke maswabi hle,” o ne a hweleketsa.

Liyabona a ikutlwa a nyarohile. A tswa ka potlako, mme ngwanana e monyane elwa o ne a sa ntse a mo etmetse, ho kopa tshwarelo hape.

“Tjhe, tjhe,” Liyabona a rialo. “Ke ile ka mpa ka tshoha feela. Ke maswabi ha ke o tshositse. Ke ne ke lokela ho notlela; o ne o sa tsebe hore ke teng ka moo.” Yaba bobedi ba itshehela.

Ha morao a jwetsa Akhona, “Dintho tse neng di makatsa haholo ka sekolo seo e ne e le meaho, matlwana, le dirapa. Ho ne ho na le dipalesa, difate, mabala a dipapadi a hlwahlwa. Matlwana wona, Akhona, matlwana a teng a hlwekile, dithaele tsa teng di tshweu mme ha ho diipone tse pshatlilweng. Ebile ho na le sesepa! Hape ke matlwana a mangata jwang feela! A emisitse ka mola, mme a na le diloko. E nngwe le e nngwe e na le pampiri ya ntlwana.”

Ha a ka a jwetsa Akhona mabapi le ho tleroha ha hae. Ho ne ho ntse ho mo hlabisa dihlong.

Akhona a tsheha. “Jwale ha o ya sekolong sa barui ntho eo o e lemohang ka ho fetisisa ke matlwana! O a hlanya, ngwanana!”

“Empa matlwana a bohlokwa haholo,” ho ipelaetsa Liyabona. “A bohlokwa ruri. Ha o kgone ho hanyetsa hore bohle re ya a hloka. Mme a rona a nyontsha. Ke dumela hore ke lona lebaka la hore o ne o tshwerwe ke mala bekeng e fetileng. Batho bohle ba kula, mme lebaka e lokela ho ba matlwana ana a ditshila.”

Akhona a idimola. “Mohlomong o nepile, empa ke taba e borang. Ke eng se seng se re ka se buang ka wona? Jwale mpolelle ka bashemane. Na o bone ba batlenyana?”
Ka hona sehlooho sa ditaba sa fetoha, mme qetellong ba ne se ba bua ka e nngwe ya dithatohatsi tsa ditaba tsa Akhona: haeba o ka ratana le motho lefatsheng moo, e ka ba mang?

Jwale, ka ntle ho matlwana, ho ne ho le monate. Ha se moo he.

Ho fihlela hoseng hona ditaba tse mabapi le Yongama, le dihlong le molato tsela tsohle di a kgutla. Ke hobaneng a sa ka a itulela moo a tswang teng?

***

Re jwetse hore o nahanang: Hobaneng Yongama a kgutletse moo?