Kgeleke e itahletse ka botlalo.
Pelo ho otloloha, e thapollotswe ke lerato.
Ha ke iketse, ke kgahluwe ke palesa,
Seponono, nnete seilatsatsi.
Hara dithope, ke pabala, ’Maletsatsi.

Botle bo ikgethileng, kgaitsedi.
Ngwana a hatang butle, ka ho kgetha dibaka.
O thotse morwetsana, mme boholo ke kelello.
O thola bolelele, mme a bue ka sepheo.
Ba re ‘calm and collected’, boiketlo ba semelo.

Ho leba teng ke ‘thibang thibang’ bashanyana.
Se mphete ke o fete, mmeke tsa fapana.
Mabarebare a re ha o na tjhe’e ’mannyeo.
Empa ho kgeleke o le mosha, ngwana motho!
Empa ha o na phoso, phoso ke botjha bo makoko.

Empa ntumelle, ke hlakise tabakgolo.
Ntumelle, ke mo tlotse ka dithoko.
O hlomme ka dihlomo, botle se ja marena.
Mmabotle, ngwana motho, seilatsatsi!
Hara dithope, ke pabala, ’Maletsatsi.