(Ntjhankaneng, Tabakholo o bua le ntate wa hae eo e seng wa madi, o mo jwetsa ka lefu la mmae, le hore o fumane hore ntate wa hae wa madi ke mang)
Buti : Mora ke kopa o ntshwarele ka seo ke se entseng ho wena, le ho mmao. (O a lla) Ke kopa o ntshwarele Tabakholo. O ntse a ya jwang mme wa hao sepetlele?
Tabakholo : (O sekisa meokgo) Ho lokile Ntate. Thato ho phethahetse ya ntate Molimo, empa ke o kopela tshwarelo ho ntate a hodimo. Ke tlile tjena ke tlo o bolella hore Mme letjhoba le letse phoka tsatsing la kajeno, hape ke fumane hore ntate wa ka wa madi ke Dr Elijah. O sale hantle Ntate. (A mo furalla)
Buti : (O a lla) Tabakholo o bua difeng? Tjoo! Molimo o ntshwarele hoba ke moetsa dibe. Tabakholo! Tabakholo! Nthati a tla nkenya molekong wa dihele.

(Tabakholo le ntate wa hae wa madi se ba dula mmoho lelapeng la Dr Elijah, jwalo ka lelapa, ba thabile hoba ha ba kaba ba ba le nako ya hore ba dule mmoho ha Nthati a ntse a phela, mme ha a ka a mo tseba nako e telele)