(Ke sepetlele ka kamoreng ya Nthati, ngaka e ntse e qoqa le Tabakholo, mme o ntsa mo qoqela hore ho etsahetseng hore mme wa hae a tle a qetelle a le makgatheng a lefu. Le hore ntate wa hae a ahlolelwe bophelo ba hae kaofela tjhankaneng. Hara moqoqo wa bona, Dr Elijah o ile a thola nako e teletsana, mme a botsa Tabakholo hore o hlahile ka selemo se feng, mme a moaraba. Ke ha ngaka a qala ho hopola hore o kile a utlwana le mme wa Tabakholo. Ke ha a bile a hopola hore ba arohane Nthati a se a imile, empa Nthati ha a ka a mo bolella letho. Le ena a nka qeto ya ho thola, a ipolella feela hore mohlomong o nahana dintho tse siyo. Empa tsatsing lena ke hona a bonang ho re o ne a nahana ntho e leng yona hore Nthati o ne a imile e le ka nnete, empa a sa mo jwetse)
Tabakholo : Dr bothata ke eng, ha e le mo o thotse hakana?
Dr Elijah : (A nyaroha) Ehh!! Ohh! Ho na le ntho eo ntseng ke nahana hore nka o jwetsa yona jwang, empa ka ha o so hodile le nna ke hodile, ke tla phunya seso feela. Monna, ntate eo mme wa hao le ntate wa hao ba motsekileng, ke nna. (A itshwara hlooho)
Tabakholo : (O maketse) O bolela hore ke wena ntate wa ka wa madi Dr? Joo! Joo! (O a lla)
Dr Elijah : (O atamela mora wa hae) Se lle hle mora, e re ke o hlalosetse hantle se etsahetseng. (O mo hlalosetsa tsohle tse etsahaetseng pakeng tsa hae le mmae)
Tabakholo : (O iphumula meokgo) Ke utlwa taba ya hao Ntate. (Ba a amana)
(Ha ntse ba amane jwalo, ke ha ba utlwa motjhine o lla, ke nako eo Nthati a nehelang moya. Dr Elijah ke ha a mo potlakela, a mmeha ditshepe, a fumana hore o se a thotse)
Tabakholo : Bothata bo kae Ngaka? (O tshohile)
Dr Elijah : (O inamisitse hlooho) Letjhoba le letse phooka mora. (O ama mora ha ntse a lla, o a mo thudisa)
Tabakholo : (O keleketlisitse meokgo marameng) Mme ke tla dula ke o rata, empa ke thabela ha e le mona ke thotse ntate wa ka wa madi. O robale ka kgotso mme motswadi. Ke kopa feela tumello, ke etele Ntate tjhankaneng.
Dr Elijah : Ho lokile mora, o ka ikela ke o fa tumello.