(Tseleng e yang mosebetsing wa Buti, mme o ntse a bua a le mong, a thuisa taba ena ya mora wa bona, a dulang a kula empa ho sa bonahale bothata ke eng)
Buti : (O buela ka pelong) Ke nako e telele jwale Tabakholo a kula. Re mathile ngakeng nako e telele, re ntsha ditjhelete, empa ho se na phethoho e etsahalang bophelong ba ngwana enwa. Mehla ena ha re fihla ngakeng, ngaka e re bolella hore ngwana ha a tshwarwa ke letho, empa rona batswadi ba hae re bona hore mora wa rona ha a phela hantle. Ke ipotsa hore jwale re tlameha hore re lwantshe lefu lena le hlophang mora wa rona jwang? Ho ne ho le ho ntlhophang ho kuleng ha Tabakholo, hore na ho tla jwang dingaka di se thole se mo tshwereng? Hape ha ke e ke ke bone mmae a na le ngongoreho, ke nna a dulang a etsa ka hohle hore ngwana o ya ngakeng, o ilo fumana pheko jwang. Ha ke hane ke motswadi wa hae le nna, empa atjhe! taba e teng mona, le ha ke sa tsebe hore na ke eng, empa yona e teng. Ke nahana hore ke etse letsatsi, re ke re ilo bona ngaka ya ditaola. Mohlong ena o tla ntsha se tshwereng ngwana enwa, ho ba ke moo ngaka tsa sekgowa di hloleha ho mofa pheko e anetseng. Empa ke nahana hore ke ye le mora re le babedi feela, re sie Nthati hae, ho ba ke a bona ha a tsotelle bophelo ba ngwana. Helang, ha e ka se ke fihlile mosebetsing tjee! (Ka ho makala)