(Ngakeng, sepetlele)
Dr Elijah : Dumelang lelapa la ha Ntheme. (O dula fatshe) Le ka tshwara ditulo ke tseo.
Buti : Dumela le wena ntate Ngaka. Re a leboha. (Ba dula fatshe boraro ba bona)
Dr Elijah : A na nka utlwa se le behileng mona hoseng ha kana batswadi ba ka?
Nthati : Ngaka re tlisitse mora wa rona hore o tlo mo beha ditshepe. Ho tloha maobane thapama o robetse a sa ikutlwe hantle, e bile a sena le takatso ya dijo. Ha se kgetlo la pele re mo tlisitse sepetlele mona, empa a sa thole pheko…..
Buti : (O mo kena hanong) Butle hle mme mmanyeo, efa ngaka sebaka a mmehe ditshepe.
Dr Elijah : Tjhe ke utlwa sello sa hao mme. Ke a leboha Ntate, moshanyana ntshale morao ke tsebe ho ilo o beha ditshepe. (Ba tswa le Tabakholo, ba sia Buti le Nthati ka phaposing eo)
(Ka mora metsotswana, ba kgutla)
Nthati : (O sa ntsa ema ka maoto) Ngaka bothata ke eng? Mpolelle hle!
Dr Elijah : Mme! Mme! butle pele.
Tabakholo : Mme emela ngaka a dule fatshe pele, a tsebe ho le fa sephetho.
Buti : Re lebohile Ntate, ha o kgutlile le mora wa rona.
Dr Elijah : Tjhe, ke mo behile ditshepe, mme ho ya ka tsona, mora wa lona o ntse a le hantle, empa e le hlooho feela e mo kgathatsang. Jwale ke tlo le fa meriana ena, le mo fe yona, le ona o etsang a be le takatso ya dijo.
(Ka ho makala ba bua mmoho)
Nthati le Buti : Hlooho feela!…….hee! (Ba kgotsa) Re lebohile ngaka ka tshebetso ya hao.
(Ba a tswa boraro ba bona. Buti a fetela mosebetsing, ha mora le mmae ba leba lapeng)