Ke Makakamele lebitso la hae. Ke wa ha Hlophi. Makakamele o ne a dula motseng o monyenyane botjhabela ba Foreisitata, motseng o bitswang Ntswanatsatsi. Motse oo o ne o le monyane, empa o ne o tumme haholo ka ntho tse mpe, ho kenyelleditse le ditlhekefetso tsa basadi le bana. Ho ne ho e na le monna e mong ya neng a bitswa Matheka, fane ya hae hothwe ke Kobi. Matheka o ne a se na metswalle ya banna hohang! O ne a atisa ho etsa setswalle le basadi. Lapeng ha hae o ne a itulela a le mong. O ne a atisa ho tswa le bomme ha ba ya ho ilo rwalla disu, kapa yona patsi. Ba ne ba rwalla ka thokonyana ho motse, ba tshela nokanyana hanyane fela. Matheka o ne a bontsha ho se kgathatsehe hohang, ka ho tsamaya le bomme. Le bona ba ne ba se ba mo tlwaetse haholo, hoo ba neng ba se ba itulela feela, ha ba ne ba hloka ho ntsha metsi. Matheka seo se ne se sa mo dule hantle hohang, empa o ne a itiisa feela, e ka re ha a na taba. Ho ile ha isa jwalo, ha feta dibekenyana ba ntse ba hlasela thota. Ya ba Matheka o fihlelwa ke monahano o sa lokang. Matheka o ile a kwenehela basadi bao, ya ba ha a sa ya le bona ho ilo rwalla. O ne a se a lohile leano, a qetile ka hore o tla ba latela hanyane hanyane, ho fihlela a le mong wa bona a wela lerabeng la hae. O ne a emetse feela hore e mong wa bona a ilo rwalla a le mong. Ho ile ha fela ha e ba jwalo, ya ba Mme e mong ho bona, o ba le mathatanyana a amang ngwana hae sekolong. Ya ba o potlakela teng.

O ile a lokela ho ilo rwalla a se a le mong, motsheare wa mantsibuya. O ile a fela a etsa jwalo. Matheka o ile a hlokomela seo hantle, ya ba o ya ka nokeng ka mane, a fihla a dula tlasa sefate sa moduwane. Sefate seo se ne se sekametse hantle moo bomme bao ba neng ba tshela hona teng. Matheka o ile a hlokomela Mme eo a sa tla le thokonyana mane, ya ba o phakisa a hlwella sefateng. O ne a tshwere thapo e hlileng e tiile haholo, a e lohile hantle a iketlile. Mme wa modimo o ile a tla jwalo, ho fihlela a ba a fihla a re o ya tshela, ya ba Matheka o lokolla thapo eo ya hae. Ya fihla ya kena hantle molaleng wa Mosadi eo, a mo hulela hodimo, ya ba o mo tima moya nako e teletsananyana. Matheka ya re ha a hlokomela hore mme enwa o se a rata ho nehela moya jwale, ya ba o ya mo lokolla, a otlana fatshe ha bohloko, a se a batla a sa bone hantle. Matheka ya ba o se a fihla a se a mo tabolela diphahlo ka thipa. Ha a qeta moo, a mo hlekefetsa ka sehloho, ka tlhekefetso ya motabo. O ile a etsa seo a iphetapheta, ya ba qetellong o hlokomela hore nako e se e tsamaile. Ya ba o mo hlaba ka thipa makgetlo a mararo sefubeng mona, ka baka la hore Mme eo, o ne a leka ho itwanela. Matheka o ile a mo siya hona moo, a se a sa phele hohang. Ya ba Matheka o ikela ha hae, ya ka re ha hona se etsahetseng hohang. Ha ra motse mane, Matheka o ne a ena le motswalle e mong wa hae, ya neng a bitswa Dineo. Dineo o ne a tshepa Matheka haholo, jwalo ka motswalle, hape a mo nkile jwalo ka abuti wa hae. Ka mora matsatsinyana, Mme ya bolailweng ka nokeng o ile a fumanwa, empa Matheka o ne a le mobe. Dineo o ne a sa tsebe letho. Dineo o ne a ena le mohlankananyana wa hae moo, empa kamora nako ba ile ba qabana, ya ba Dineo ha a sa batla letho le tlang ho mo kopanya le mohlankana eo wa hae. Dineo o ne a se a atisa ho tsamaya le Matheka. Ba ne ba tsamaya ha monate, ba iketlile. Ha o ne o sa tsebe, o ne o ka re ke baratani ba tummeng haholo.

Makakamele yena e ne e le motho ya itsamaelang hara motse mona, a sollakaka. O ne a tseba ditaba tse ngata haholo hara motse mona. Batho ba motse ba ne ba sa nkele Makakamele hloohong hohang. Ba ne ba re ke lehlanya, o lahlehetswe ke kelello. Empa tjhe, le yena o ne a se na taba hohang.

Dineo le Matheka ba ile ba tswela pele jwalo ho ba metswalle e batlang e tshepana. Matheka taba ya hae ya hore a bolaye mosadi ka nokeng, ka nnete seponesa se ile sa leka ka matla ho fumana hore ke mang ya bolaileng mosadi eo. Empa taba eo e ile ya fella feela, hobane e ne e tsamaya e fellwa ke bopaki.

Matheka o ile a hlokomela hore taba tsa hae di mo tsamaela hantle. O ne a hlokometse hore o ya di etsa di molokele. Ya ba o rera ho boela a ilo etela ka nokeng hape. O ile a leba teng a etse hloko e kgolo, hore ha ho na motho eo a mo hlokomelang. Tseleng o ile a kopana le Makakamele. empa a se ke a mo nkella hloohong, ka hore ba ne ba nka hore ke lehlanya la motseng. Empa Makakamele o ne a sa hlanye hohang, o ne a mpa a bolawa ke bofutsana feela.

Makakamele o ile a belaela, ha a hlokomela Matheka a leba ka nokeng a tshwere lerapo. O ile a kgutla moo a neng a leba teng, a mo latela jwalo hanyane hanyane. Matheka o ile a fihla a dula tlasa sefate moo, jwalo ka ha a kile a etsa kgetlong la pele. O ile a dula nako e teletsananyana, ho fihlella Makakamele a ba a lahlehelwa ke tshepo, a tloha moo a leba lapeng. Makakamele o ne a nahana hore Matheka o ne a tlo ipolaya, ya ba o kgathetse, a mo siya hona moo.

Ka mora nakonyana e sa fediseng pelo Makakamele a kgaohane le ena, ya ba ho hlaha Mme e mong, a tla jwalo a rwetse ngata ya patsi. Matheka o ile a ipata. Ya ba Mme eo o tla jwalo, a ba a fihla a ema hanyane sefateng moo, a re o sa hula moya. Matheka ya ba a tla jwalo, a fihla a mo otla ka molamu kamora hlooho ka mona, ha bohloko. Ya ba Mme wa modimo o fellwa ke matla, a wela fatshe. Matheka ha a ya ka a senya nako, ya ba o mo hlobodisa diphahlo hantle. A iketsetsa ka yena, a ikgotsofatsa moo, ho fihlella a qeta ka yena. Ya ba o mo apesa diphahlo tsa hae hantle, a mo leketlisa sefateng, ya ka e ka re o ikgamme.

Mme eo o ne a ena le mathata lapeng kwana, a ho hlekefetswa ke monna. Matheka o ne a tseba taba tseo hantle. Ya ba o ngola lengolo le bolelang ka moo mme eo a kgathetseng ka teng ke monna wa hae. A ngotse hantle, e ka ke mosadi ya sotlehileng haholo.

Ya ba lengolo leo o le kentse mokotleng wa mose wa mosadi eo wa batho. Ya ba mohlala ka nnete o lahlehile hohang. Matheka o ile a tswela pele ho iphelela ka bonokwane boo ba hae. Ditaba di ne di sallane le monna wa mosadi ya bolauweng, hore tlhekefetso ya monna eo ke yona e bakileng hore mosadi eo a be a ipolae. Makakamele o ile a boela a dibala hantle, a di kopanya, a hlokomela hore Matheka e ka re ho na le seo a se tsebang tabeng eo.

Empa Makakamele o ile a ikgaohanela, ka hobane seponesa le sona, taba eo e ne e le ka hodimo ho matla a sona.

***