Ke itse ke a nahana

Empa kelello ya nhanela

Ka qamaka, ka sheba kwana, ka sheba kwana

Ke batla eo nka mmonang

Hore mohlomong e mong a ka hlaha a nthusa ho nahana

Ka tsamaya jwalo ntse ke qamaka ke sheba hore e be thuso e ka hlaha

Empa ha se ke ha ba le ya hlahang

Ka ema tlekelele,

Ka ema le monna mateneng

Ka beha matsoho hlohong.

Ka bona hore mona ke tla teya nta ya selala.

Ya ba qetello ke moo ke lebisa mahlo a ka hodimo, ka bona hore moo ke teng thuso yaka e tla tswa teng.