Afrika Borwa ya natefelwa,
Yaba thabo le nyakallo,
Tokollo ra e fumana ra didietsa,
Haele mela yona ya eketseha,
Ya eketseha ya dikgetho,
Ha tswalwa kakapa,
Ha tswalwa moetapele,
Ra itshwara dihlooho,
Madiba wa fetola maphelo a batho,
Ra bona molemo wa Thuto,
Madiba ke ka wena re tseba tshwarelo kajeno,
Wena o kwakwariri o senatla,
Wa etsa poelano, lehloyo la fela,
Yaba naha ya setswalle ho bohle,
O mohale hara bahale.