Oh, Lerato Lemeko!
Mohlokomedi wa dipelo tsa rona
Lerato, Mosa, mohua, thlompho le kgotso
Ke tseo ke naleng tsona ka wena
O kgauta pelong yaka
O paballo etswang mahodimong!
O mphetotse
Ebile o phethotse le bophelo baka!
Nka phela jwang ntle le wena
O fetohile oksijene ho nna.
Ke leboha boka hole
Ke leboha bophelo ho o tseba
Hore nkile ka kopana le motho a tshwanang le wena!
Ke a tseba hakesore Tanki
Ke a leboha ka seqo
Empa jwale kese ke rialo
Oh, Lerato Lemeko waka!
O lelakabe la lerato
O naledi e kganyang!
Kgaribe ya ka e nntle!
O peo ya Katleho
Peo e holetseng ho kgothatsa leho fana ka matla
Kea leboha e tla etsa pososelo sefahlehong sa hao
Ousi Lerato Lemeko!
Pelo ya hao e hlaloswa ke lebitso la hao
Pelo ya hao e tletsi lerato!
Kgaitsedi ya ha Lemeko
Moradi wa ho kgalema lenyatso ka ena
Ke mantswe ho hlolea ho a ngola
Ke pososelo ka wena
Ba buang ba bue ka wena
Ba sebang ba sebe, dipuo tse lesheano ka wena!
Empa mohlang ba elellwang lerato la hao ho bona
Tshiu ditlabe dirahile Mabele
Ousi Lerato…
A sa tsebeng lerato ba ho atamele
Hao Lerato ka phoso
Lebitso la hao le ho tshwanetse!
Ebang lerato e ne e le motho…
Ousi Lerato Lemeko!
Tanki kea leboha
Ka lerato le la hao!