Ha o ne o nkutlwisa bohloko,

O ne o sa nahane.

Ha o ne o mpolella masa a kokometse

O ne o sa nahane.

Ya robeha pelo ;

Ya sala e le dokotwa

Kae petjhapetjha empa

Ha o letho le lokang

E dipetjhepetjhe!

E maqebaqeba.

Ke nka hona.

ke nka hwane.

Empa hae fole.

Ke lekile ho ipetjhapetjha

Empa ha ho loke

Ke lekile ho o tlohela

Empa pelo e batla seo e se batlang!

Ke lekile ho rata babang

Ha ke kgone!

Ebile pelo hae fole!

Bophelo baka ntle le wena ha ke bobone!

Empa o ne o sa nahane

Ka lebaka leo leqeba la pelo yaka le sa fole!

Banna ba tla o roba pelo

Ha ba qeta moo bat la o sea

Batho kantle moo bah o tshehe

Hobane wena o tshepa bashemane

Yona pelo ha e fole!

Ho jwalo, le ka leqeba la pelo!

O ka se ipetjhapetjhe pelo!

Leqeba la pelo hale fole!