Ha ho ya mo fetang!
Ke ikutlwa ke motlotlo,
Ke inkgatsha ka yena.
Lehakwe la pelo yaka.
Ke shwa ke ikepela ka yena!
Lona lehakwe la Pelo yaka sebele.
Ka tse robong dikgwedi a phela ho yaka tshireletso,
Ka anenela Mpho Modimo a mphileng yona.
Lerato la pelo yaka.
Ka ithuta ho e rata leho e hlokomela ka bonna.
Le hakwe la pelo yaka.
Ke re yona “Mphoentle eleng waka ngwana”.
Ngwana ngwanana e mosehlana,
A boreledi a dikoti marameng
Lehakwe, lerato la Pelo yaka.
Ke Morata haholo.
Lehakwe la pelo yaka.
Motswalle waka wa sebele.
‘’Mmabotle Waka Mphoentle”
O thatohatsi yaka, Ke motlotlo
KE motlotlo ho bitsa Waka ngwana
Lerato la pelo yaka.
O lehakwe la Pelo yaka.