1.      Hoja ka tlwa ketsibile hore ho o rata ke phoso, nkabe kesaka ka o rata ho tlwa qalong.

Qalong hakene ke o bona, nna neke bona hantle hore mona Ntate le Mme waka keba fumanetse mokgowenyena. Ono o dula onthabisa kadinako tsohle. Ono o ntshepise mahodimo le mafatshe one onjwetsa hore leha nka nyamela dilemo le mmo otlo nkemela one ompolella hore ka leng la matsatsi o tlo nketsa mofumahadi wa hae. Empa jwale tseo hadisa bua letho hoba kele fela Lamma fela mahlong a hao Kese kele motho asenang thuso hoba seo oneng o sebatla o sefumane empa ho lukile ha ho le jwalo, ha o na taba.

Ho rata e ile ya ba phoso e kgolo eo enkileng kae etsa bophelong baka. Ke ile ka furalla lelapa leso ka nako e telele ka furalla batho bantsotellang ka le baka la hore kene ke nahana ho ba le wena k efumane mohamo wa lefatshe empa hoo ho nsiyile kae? Ha wa nthusa ka letho.

Ona o le Lerato la pelo yaka empa tseo e ne ele phoso. Nne ke nahana hore wa nrata.

Ona o dula kamehla yohle ontse o njwetsa hore okeke wansiya, empa ha o ka Sheba jwale o hokae? O nsiyile.
Pelo yaka e tletse matetetso empa ke lokela ho lebala tsohle hoba kekgetha hophela ka mora tseo tsohle tseba hore ke thabile ka Mpho eo omphileng yona makgabunyane. O nsiyile le bana e le mong.

Ke tloba hudisa hantle ka lerato, tlhompho,thabo, peho leboikokobetso hore hosane batle baphuthane, mme ke tla baruta Lerato le nepahetseng eseng lesa lokang.

Ke a tseba e se ele nako etelele tsena ho wena etlameya ese ele ntho tsakgale, empa tseba hore jwalo kaha Masotho wa kgale a buile a re, “ Moetsi wa lebala empa moetsuwa ena ha lebale.” Se se etsahalang ho nna ho bile bohloko thata haholo ho ntsha se ka hare pelong ya ka, empa jwale ho lekane le nna ke lokela ho lokollowa maikutlong a ka.
Ke a itshola ka ho se mamele kgalemo le thuto ya Mme waka jwalo ka motho o moholo. Kaha motho a nahana hore o a ratwa. Ke ne ke bona E ka ke lona Lerato. Ke bona e ka Mme ona le mona ke kopa o ntshwarele Mme. Motswadi wa ka ke hlokile kutlo ke lakatsa hore E ka dintho tsohle dika kgutlela morao, ka hlakola phoso eo bo nnete fela Mme olikile hoe bapala tema ya hao jwalo ka motswadi ke lampa ka hloka tsebe ho utlwa
  • Batjha yanang letsebe houtlwa kekopa onkutlwe ha moyho o Mohole a ntse a o Kgalema. Thuto ya motho e moholo e nepile mme e bohlokwa.
Ho bohlokwa ho mamela seo batswadi base buang hoba haosoka ofihla nakong yaho utlwisisa ,O sale monyane.
  • O tlo nka diqeto tseo katsona ha o fihla nakong ya ho inkela diqeto obo itshola.
  • Ke bua ka Tshebo jwale kaitshola ke lakatsa E ka ke ile ka mamela Mme ibile ke ikutlwa Eka Mme ha Kgalema ho feta kgale empa ha ke bui nnete okgalemetse Mme bothata E laba nna ka nahana ke bohlale empa ke ipone phoso. Nne ke nahana hore Mme waka o na tswerwe ke mona.
  • Ke ka hoo hlomphang batswadi ke bona dikokotlelo tsa rona
  • Ho betere ke ntse Ke na le nako ya hokopa tshwarelo hobane Mme waka e leng motswadi o ntse a phela.
  • Ke kopa tshwarelo Mama hoja kile ka mela nkabe Ke se mona ke le sebakeng seseng
  • Ka ho fitisisa ke boka Ntate Modimu o leng Ramasedi ka ho mpoloka ho fihlela ke tswa dikamonong tseo tsa lerato. O mpholositse nnete. O nketsetse mohau.
  • Le ho re e be ke a phela tsatsing Lena lakajeno, ke ka mohau wa Modimo.
  • Ho batho bohle eo ke ba utlwisitse bohloko, ke kopa le ntshwarele, nne ke monyane ke sa tsebe seo ke se etsang. Kantle le ho swaswa, kea itshola. Ke kopa tshwarelo.
Mme waka, hape ke kopa tshwarelo ka tsela eo e ne ke o telletse yong. Ke phethohile, ke tjhintjhitse. Ntshwarele hle Mme waka, Motswadi o motle.