Hee!! Ke ya qala ho e bona ntho e tjena!! Ngwana se’tsowa le pelo ya maobane, e ne e le maoba metlae ya hao e nqeta, ke bobotheha, ke bososela sa kgarebe e satswa ho jwetswa mantswe a lerato.
Ho senyehile kae KOENENG? Lerato le mofuthu ese ele pale ya maobane, ya hao metlae ke ya e hlolohelwa ho se ho setse yona poolelo qhaa!!
Mohlomong ho se ho na le ya hapilweng ke metlae ya hao mme pososelo ya hae eo kgapile ho feta yaka. Fela seo se keke sa phumula taba yaka le wena. Yaka le wena e ka ke lerato la mmannete eseng la mmannete fela, fela la hlao.
O nthetsitse ware ha ho e mong kantle ho nna, fela o hapeile thokwana kwana. O nthetsitse ware yaka pelo o keke wa e roba, fela o e roba hoya pele. Tseba hore la rona lerato moratuwa le fedile!!