O ile a fela a ya Ethiopia ha a qeta dithuto tsa hae tsa yunivesithi kamora dilemo tse nne. Bophelo bo ne bo dumetse, a bile a sa tshwenye batswadi ka tjhelete hoba o ne a fumane dibasari le dikgau tse ding tsa thuto e phahameng. Ho fihleng ha hae Ethiopia, Tankiso o ile a ipolella hore o tla qala ho ratana empa basadi ba Ethiopia ba ne ba sa mo tsotelle, ba sa mmone jwalo ka ba lapeng. O ile a qakeha hobane a tlwaetse hore mesebetsi le katleho ya hae di a mmuella mme o ne a leka ka hohlehohle ho tsebisa mosadi e mong le e mong ya kopanang le yena hore na yena ke mang, o bohlale ho le hokae, ebile o fihlelletse eng bophelong ho fihla hajwale. Tsena tsohle di ne di sa kgahle boausi ba Ethiopia. Tankiso o ile a qala ho tswa le basadi ba makgowa ba baholo ho yena bao le bona e neng e le baeti moo Ethiopia. Bonyane bona ba ne ba mo thabela hoba morabe wa habo o motsho o ne o sa mo nkele hodimo.

Leha ho le jwalo, ho tsweng ha hae le basadi ba fapeng ba makgowa ho ne ho fella moo, ho ne ho se na mohla a ba memelang foleteng ya hae kapa a kopang hore yena a ba tjhakele moo ba dulang. Kamora se neng se etsahale pakeng tsa hae le Tebello, o ne a ipolelletse hore ha a batle ho iphumana  a ikwalletse le mosadi ka phaposing ba le bang ho fihlela a nka qeto ya hore o batla ho ya kae le mosadi eo.

“Tankiso, taba ya hao ke bokae hantlentle?” ho botsa mosadi e mong wa lekgowa.

“Taba ya ka? O bolela jwang?”

“Ele hore o nyetse hae Afrika Borwa kapa ho etsahala eng hoba ke a bona hore re a tswa empa ha ho eso etsahale letho pakeng tsa rona,” mosadi a tswela pele.

“Nna ka nnete ha ke tsebe hore o batla ho etsahale eng, empa ho ya ka nna dintho di kamoo di lokelang ho ba ka teng.” Tankiso a tjho jwalo a bile a bitsa mofepedi wa bona hore a ba fe bili ya dijo. Yaba ho ile feela jwalo ka Tankiso. Ho ile ha fihla moo a ileng a itjwetsa hore o nka kgefu, a tlohella ho tswa le batho hoba a sa fumane eo a lakatsang ho mo etsa wa hae.

Nako ya hae e ile ya fela Ethiopia, a lokela ho kgutlela hae. Empa kamora nako e seng kae feela a kgutletse Afrika Borwa, o ile a fumana monyetla o mong hape wa ho ya ntshetsa pele dithuto tsa hae ho etsa lengolo la Masetase mane New York, Amerika.

Ditlhophiso tsohle o ile a di etsetswa mme kgetlong lena o ne a sa nahane le ho nahana ka taba tsa dikamo tsa lerato. Tankiso o ile a fumana hore New York ha se motsetoropo feela jwalo ka e meng, e ne e le tshubuhlellanong ya batho ba merabe le ditso tse fapaneng, le mekgwa ya bophelo e batsi mme ho bonahala eka motho e mong le e mong ha a kgathalle ho tshetjwa. O ne a ikutlwa a lokolohile! O ile a kopana le batho ba mefuta yohle, e mong le e mong a ena le dipale tsa hae le maikutlo a hae mme ba kgona ho ipolela le ho ikemela.

“Ele hore o dula o apere hempe ka mehla?” ho tjho lentswe le hlaha kamora Tankiso, e le ha a eme moleng wa dijo khemphaseng eo ya New York.

Tankiso a hetla a re, “Ha ha! O ne o bona hokae hore ke dula ke apere hempe?” O ne a bua le mohlankana e mong ya bitswang Xavier. Xavier e ne le letswallwa la Amerika le ha feela ka botjhaba e le motho wa Mexico. Setswalle se ile sa tsoha hona moo. Ka lehlohonolo, ba lemoha hore ba rata dintho tse tshwanang, Xavier a ba a mema Tankiso ho ba karolo ya mokgatlo wa hae wa ho bala.

Mokgatlong oo wa ho bala, ba ne ba bua ka taba efe kapa efe, ka hona le taba ya dikamano le thobalano e ile ya hlahella. Tankiso o ne a tshaba ho bolela hore yena ha a eso be le dikamo tsa mofuta oo. Xavier o ile a lemoha hore Tankiso ha a ke a be le seabo dipuisanong ha ho buuwa ka lerato le thobalano.

Ka letsatsi le leng, o ile a mmotsa hore na ke hobaneng. “Banana ha ba nkgahle,” a rialo a fiela ka dintshi a sa batle ho sheba Xavier mahlong.

“Ho lokile, ho a etsahala. Re le batho re kgahlwa ke ntho tse fapaneng. Le nna ha ke kgahlwe ke banana, empa ke thabela bashemane. Ke thabela wena…mme nka rata ho ba le dikamano tsa lerato le wena.” E ne e le kgetlo la pele Tankiso a utlwa motho wa monna a mmolella taba e tjena. Se ileng sa mo makatsa ke ha a lemoha hore le yena o ne a thabela Xavier mme a bile a lakatsa ho ka mo aka le ho mo suna. Ha fela ha eba jwalo…

Na o ka etela naha e kgetholla batho ba LGBTQIA+?