Ho latela letsatsi leo ba sunaneng ka lona le Xavier, yaba ke ho qala ha leeto le letjha la ho iphumana le ho ikutlwisisa. Tankiso a lemoha hore e ne e se hampe hore ebe ha a kgahlwe ke batho ba basadi. O ne a thabetse hore o kopane le motho ya tshwanang le Xavier, ya mo utlwisisang, ya mmonang le ho mo amohela kamoo a leng kateng.

“Ho bolelang hore  ke geyi,” o rialo ele ha a qeta ho bala athikele inthaneteng e buang ka maphelo a batho ba welang ka tlasa leloko la LGBTQIA+. Kutlwisiso ya sena e ile ya mo fa kgotso moyeng, empa a qala ho ngongoreha ka hore na batswadi ba hae ba tla re eng ha ba utlwa taba ena. O ile a tlelwa ke tshabo, a bona hantle hore batswadi ba hae ba tlilo mo kgesa. Mehopolo ena e ile ya mo tetebetsa maikutlo hoba o ne a ananela lerato la bona le tshehetso ya bona, mme mohopolo wa ho lahlehelwa ke lerato la batswadi ba hae o ne o mo sithabetsa maikutlo.

Tankiso o ile a qala ho hlobaelwa ke boroko, ditakatso le kgahleho ya hae ho Xavier, monna e mong, di lwantshana le tshabo ya ho swabisa lelapa la habo. Leha ho le jwalo, Tankiso o ile a fumana tshehetso le kgothatso ho tswa dipaleng tsa batho ba bang ba leloko la LGBTQIA+,  ba tsamaileng leeto la ho ikamohela.

Ka tshehetso le dikeletso tsa Xavier, Tankiso o ile a nka qeto ya ho buisana le batswadi ba hae ka bolokolohi, a hopola hore ntatae,  Matanka, o ne a hlola a mo kgothalletsa ho bua le yena ka ditaba tse kang tsena. Kahoo, a iteta sefuba, a  nka mohala a letsetsa hae ka mokgwa wa vidiyo.

“Mama le papa, ho na le taba eo ke batlang hore le e tsebe ka nna,” ho rialo Tankiso.

“OK…” ho araba mmae.

“Ke geyi.” Kamora moo ho ile ha kgutsa nakwana. Empa Tankiso a tswela pele ho bua ho tswa botebong ba pelo ya hae, a hlalosa leeto la hae la ho itemoha le ho ikamohela. A tsebisa batswadi ba hae le ka ketsahalo ela ya hostele.

Difahleho tsa batswadi ba hae di ne di bontsha ho makala, ho ferekana le ho tshwenyeha. Ho ne ho hlakile hore tshenolo ena e qholotsa ditumelo le ditebello tsa bona. Ka yona nako eo, Tankiso a otlwa ke letswalo, a tshoha hore kamano ya hae le batswadi e ka senyeha ka tsela e ke keng ya lokiswa.

“Tankiso…ngwanaka,” ho rialo mmae. Lentswe le thothomela, a seka meokgo, a lliswa ke hore ngwana wa hae o ile a hlekefetswa.

“Ke a o rata ngwanaka, ho sa kgathalatsehe hore na wena o rata mang, ya jwang, wa hokae.”

“E, ho jwalo mora. Re batswadi ba hao mme re utlwisisa hantle seo o leng sona,” ntatae a tlatselletsa. Le hoja qalong ntatae a ne a maketse, o ile a mo tiisetsa hore thabo ya hae le boiketlo ba hae di bohlokwa ka ho fetisisa.

Lerato le kamohelo eo a ileng a e fumana ho batswadi ba hae, ho sa tsotellehe pherekano ya bona qalong, di ile tsa mo tlatsa ka teboho. A hlokomela hore o ne a tshohile ntho e siyo. Hona e ile ya ba qalo ya leeto le letjha, kgaolo e ntjha ya bophelo ba hae, e tletseng lerato le boitemoho. O ne a ellelwa hore ho ntse ho tla ba le diqholotso mona le mane empa ho ne ho tshepisa hore o tla phela ka kgotsofalo e le ruri.

Ebe bodumedi bo na le seabo kgethollong ya batho ba LGBTQIA+?