Tankiso o ne a thabile a lebelletse tse ntle feela sekolong se setjha hoba a utlwetse hore se ntsha dikgalala. Seo a neng a sa se lebella ke ho arolelana phaposi ya ho robala le bahlankana ba bang ba leshome le motso. Leha ho le jwalo, o ile a lokela ho amohela hoba habo o ne a sa rutwa ho tletleba, o ne a rutilwe ho lebohela seo a se fuwang ha feela se sa mo utlwise bohloko.

“Dumela, ka lebitso ke Mike,” ho rialo e mong wa badulammoho.

“Dumela Mike. Nna ke Tankiso, ke motjha mona.”

“Ke a o amohela. O tlo rata mona monna. Re na le tokoloho mona monna, batswadi ba hao ha ba tlameha ho tseba ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang ha o le mona ,” ho tjho Mike.

“O bolela jwang?”

“Ke bolela hore ha o batla kwae kapa kgarebe, nka o thusa ho di fumana kapele feela. Ebile wena ke a kgola banana ba tla itahlela ho wena hoba o a shebeha ebile o senatla.”

“Hele! O feela o ikemiseditse ho fetola bophelo ba ka Mike. Ke lebohela ditaba tsena empa nna ha ke tsotelle ntho tseo. Ke tletse ho ithuta mona,” Tankiso o rialo a bile a bula mokotla wa hae wa diaparo a ntsha malekere, a fa Mike. Ka nako eo, Mike o ne a dutse betheng ya hae e bapileng le  ya Tankiso.

Letsatsi la pele le ile la feta. Tankiso o ile a nna a kopana le barutwana ba bang mme a leka ho ba le dikamano tsa setswalle mona le mane empa qetellong, boholo ba metswalle ya hae e ile ya nna ya eba barwetsana hoba o ne a ena le kgohedi eo barwetsana ba neng ba sitwa ho iphapanya yona. Ka phaposing ya borobalo ya bashemane, bosiu bo bong le bo bong ho ne ho jewa lekomo ka tsa dipolotiki, mmino, botaki,  jj. Kaha Tankiso a tswa lelapeng la babadi, o ne a tseba dintho tse ngata tse fapaneng tse amang setjhaba ka kakaretso. Ka hona, o ne o ka qoqa le yena ka taba efe kapa efe – sena se ne se etsa hore le bashemane ba rate ho bua le Tankiso.

“Hela monna Tankiso,” ho rialo Disema, e mong wa bashemane ba hostele. “Ke kopa hore o nthuse ho ngola thothokiso ya lerato, ke batla ho e neha kgarebe ya ka.”

“He he! Thothokiso ya lerato?” Tankiso a rialo a sosobantse sefahleho. “Nna ho bua nnete feela ha ke tsebe hakaalo ka tsa maratano weso, empa nka o thusa ho ngola moqoqo ola oo titjhere a itseng re o ngole ka fees must fall.” Disema o ile a swaba haholo ho utlwa sena mme a ba a belaela hore e ka nna yaba Tankiso o mona ka lebaka la hore yena o ne a se na kgarebe le hoja a le motle a bile a le bohlale.

Ka tsatsi le leng, Tankiso le metswalle ya hae ya barwetsana ba ne dutse holong ya dipapadi ho shebelletswe tlhodisano ya bashemane ya papadi ya basketebolo. E mong wa banana o ile a utlwa Tankiso a babatsa tjhebahalo ya sebapadi se seng, sebapadi seo e ne e le Disema. “Disema o na le mmele o motle hle!” ha rialo Tankiso a bile a bososela. O ne a sa nahana hore morwetsana eo a neng a bua le yena o tla ilo bolella Disema le bashemane ba bang ba neng ba le sehlopheng sa basketebolo. Taba ena e ile ya haswa sekolo ho pota hona mohlang oo. Bosiu ba teng, ha Tankiso a tswa diphaposing tsa ho hlapela, o ile a teana le Disema le bashemane ba bang mme ba ile ba mo kakasa ba ntse ba mo rohaka, ba mmitsa ka hore ke setabane. Nakong ena, Tankiso o ne a hoeleditse, a sa utlwisise hore na ho etsahala eng. Qetellong ba ile ba mo lahlela ka ntle lebaleng la sekolo moo ba bang ba ileng ba mo raha, ba mo tshwela ka mathe mme ba mo siya moo a le lepona. Tankiso o ile a akgeha mme a phaphama mesong, a hatsetse. Mamati a hostele a ne a kwetswe, ka hona o ile a ya dula ka pela ofisi ya mosuwehlooho ho fihlela letsatsi le  tjhaba. Mosuwehlooho o ile a mo fumana a robetse lemating la ofisi ya hae, a le moshampane. Matitjhere le barutwana ba ne ba eso fihle karolong ena ya moaho wa sekolo. Ka hona, o bonwe ke mosuwehlooho feela.

“Tankiso!” ho rialo mosuwehlooho. “Mora, ho etsahetse eng?”

Tankiso o ile a bokolla ha ba kena ka ofising ya mosuwehlooho mme a mo phetela ditaba. O ile a kopa hore batswadi ba hae ba se tsebiswe ka taba ena. Mosuwehlooho o ile a etsa matsapa a latela Tankiso diaparo hostele. Ka morao ho moo, Tankiso a leba kitjhineng ya hostele, ka moo ho jellwang, a tsamaya le mosuwehlooho. Ha ba kena ka moo ho jellwang, barwetsana le bashemane ba ile ba ema ba howa, “Toka ha e phethehe!”, “Re a o rata, Tankiso!”, “Disema ha a tebelwe!”

Disema mmoho le ba bang ba hlekefeditseng Tankiso ba ile ba fela ba tebelwa sekolong.

O nahana hore ke eng seo setjhaba seka se etsang ho nnetefatsa hore polokeho ya batho ba LGBTQIA+ le tshireletso kgahlano le dithohako, ditlhaselo le dipolao tseo re utlwelang ka tsona metsaneng ya rona?