Ho a tsebahala motseng wa Mafora, Mangaung hore lelapa la habo Tankiso ke le leng la malapa a tletseng mofuthu mme a nang le seriti. Tankiso ke yena feela ngwana habo. O ne a hlohonolofaditswe ka batswadi ba sebetsang ka thata, ba mo ratang haholo. Ho tloha bonyenyaneng, ho ne ho hlakile hore Tankiso ke ngwana ya bohlale, ya masene. Ka hona, batswadi ba hae ba ne ba le motlotlo ka ngwana wa bona mme ba phehella ho mo kgothalletsa ho kgaba ka bohlale le ditalente tsa hae, ba nnetefatsa hore ba mo isa dikolong tsa maemo a hodimo moo a neng a kgona ho ipabola ka bokgoni ba hae.

Ntatae o ne a atisa ho mo nkela ka thoko  mme o ne o tla utlwa a re, “mora, o a ratwa lapeng mona mme nna le mmao re tlilo etsa tsohle tse matleng a rona ho nnetefatsa hore o fumana menyetla e o tshwanelang.”

“Ke a leboha, papa. Nke ke ka le swabisa wena le mama,” ho tjho Tankiso.

Ba ne ba bua tjena ba kakalletse betheng ya Tankiso, ele ha a sa tswa fihla ho tswa mabaleng moo a neng a ntse a bapala le metswalle ya hae. Bongata ba metswalle ya hae e ne e le barwetsana. Ha ho ne ho ilwe mabaleng, o ne a sa rahe bolo, o ne a ka mpa a shebella mmoho le metswalle ya hae.

“A ko ntjwetse monna,” ho rialo Ntate Matanka. “2bob ya hao ke mang?”

“2bob, papa?” Tankiso a botsa a bososela.

“E, kgarebe ya hao. Ke a bona hore o dula o le ka hara banana mme ke ye ke ipotse hore na eo e leng yena ke ofe.” Ntate Matanka o tjho tjena a bile a fetoha ho sheba mora wa hae ka mahlong.

“Iyoh, papa. Nna batho bao ha ke ba shebe ka leihlo leo. Ke mpa ke rata ho qhanolla le bona feela.”

“Ha ho kgang, mora. Feela he monna, mohlang o etsang qeto ya ho ratana o itlhokomele hle . O sebedise dikgohlopo mme o se tshabe ho bua le nna ka taba tsena,” ntate Matanka a tjho jwalo a se a phahama betheng. O ne a tseba hore mora wa hae o motle ebile o a shebeha mme hodima moo, lelapa la bona le ne le na le setumo se setle hoo ho neng ho sa makatse ha Tankiso a dula a le hara barwetsana.

Ntate Matanka o ile a tswa ka phaposing ya Tankiso mme a ya ho mohatsae eo a neng a dutse ka phaposing ya ho balla. Mme Diteboho o ne a dutse a bala mme a ntse a phoka tee. “Hela, mohatsaka, le ntse le bua ka eng se sekale wena le mora wa hao?” a botsa hang ha Ntate Matanka a kena ka phaposing.

“Atjhe, ke ne ke mpa ke batla ho mo hlahahlella ka tsa bonna le dikamano tsa marato empa ho utlwahala eka ha a eso fihle boemong boo.”

“Helang ! Na o nahana hore o tla bolela haeba a ena le kgarebe? Re mo rutile ho tsepamisa maikutlo thutong tsa hae le ho intshetsa pele. A ke ke a o phehlela sefuba hoba o tshaba hore re tla ba kgahlano le seo.”

“Re tla ba kgahlano le lerato? A tlohele ho ithetsa, barwetsana ba mo thabela. Ke a kgolwa ho na le eo a mo kgahlileng hara bona. Ke tlhaho mme ho molemo hore re hle re betle tsela ya dipuisano tse kang tsena esale jwale. Ha a tlameha ho tshaba,” ntate Matanka a rialo a bile a aka mohatsae.

Selemong sona seo, batswadi ba Tankiso, ka puisano le mora wa bona, ba ile ba dumellana hore Tankiso a ilo qetella dithuto tsa hae tsa Kereiti ya 10 ho isa ho ya 12 sekolong se nang le bodulo, hostele. Ba ile ba hlwaya sekolo se ka ntle ho toropo ya Mangaung, ka tjhebelopele ya hore, ho dula hole le hae ho tla ruta Tankiso hore a ikemele. Ba ne ba na le tshepo e tiileng ya hore mora wa bona a ke ke a ba hlabisa dihlong, o ne a tla nne a kgabe ka bohlale ba hae le sekolong seo se setjha. Boholo ba metswalle ya Tankiso bo ne bo swabile ho utlwa hore o tlo tsamaya maqalong a selemo se latelang.

“Ke tla reng Tankiso hobane ke moo le nkile qeto le baheno. Ha ho sa tla ba le mohlankana e mong eo ke tla kgona ho ntshana se inong le yena. Ke wena feela motho ya etsang hore ke ikutlwe ke phutholohile,” ho rialo Mpene, e mong wa metswalle ya Tankiso ya barwetsana.

Tankiso o ile a beha letsoho la hae lehetleng la Mpene mme a re, “se kgathatsehe mokgotsi; ha se selemo sa 1950, re na le diselefounu. Re tla bua nako e kgolo le e nyane.” Bobedi ba bona ba ile ba keketeha, ba akana.

Na dikolo di lokela ho kenyeletsa ditaba tsa LGBTQIA+ thutong ho etsa tlhokomediso ka bo batsi ba bong?