Dibeke di ntse di tsamaya. Mpho o hlolohetswe ntate wa hae haholo. Mme wa hae mehopolo e a lelera ka nako tsohle. Mpho o ke a mo utlwe a ntse a lla bosiu. Mantsiboyeng a mang Mpho ha a kgutla lapeng o fumana ntate wa hae a le teng. A le hole ka mehopolo.

“Ao ntate, o kgutletse lapeng?” Ho botsa Mpho.

“Tjhe ngwanaka, ha ke eso kgutle, ke ne ke mpa ke tlile feela ho bontshana le mme wa hao, re sa ntse re lwantshana ka yona taba ena,” ho rialo Joe a lokisetsa ho tsamaya.

Yaba Mpho o hloleha ho itshwara, yaba o se kgitla seboko. A nto bua a re: “Ntate bophelo ha bo sa tshwana ntle le wena. Lehae lena le a bata ha o le siyo hle.”

Yaba Joe o aka Mpho mme o mo suna phatleng. Mme o re “Ho tla loka ngwanaka, ke a o tshepisa.”

Hanghang hoba ntate wa hae a tsamaye, ke ha Mpho a leba Motsheo ho mme wa hae. Mme a bua are “Ke hlohile ho phela tjena nna, ha one o bolokile sephiri see one o nahana setla re thusa kang rona, re bone hona jwale.” O bua a ena le kgalefo.

“Lerato laka, ke maswabi hore dintho di ile tsa fetoha tsa ba ka mokgwa ona, ntshwarele hle,” ho kopa Basetsana.

Ke ha Mpho a sa natse ditlhaloso tsa mme wa hae mme ke elwa a etswa ka hara ntlo. O tswa a tshwere mokotlana wa hae o nang le sepatjhe le founu ya hae. Ntho eo a ipolelletseng yona ke hore o hloka ho hahlwa ke moya mme a balehele ntlo ena ya habo e ka reng ke mahlanyeng. Dintho di shebahala di hlakahlakane. Mme wa hae ha a sa mmuisa. Ekare o kwentswe ke bohloko boo a bo utlwang.

Mehopolo ya Mpho e a fokaela ha ntse a tsamaya tseleng a sa lebelle le hore o ya kae. Leha Joe a tiiseditse Mpho ka lerato la hae, Mpho ha a kgone ho e lebala taba ena ya hore ha se ngwana wa Joe.

O leka ka hohle hore a lebale ntho e nngwe le e nngwe. O se a tsamaile haholo mme metsamaong ya hae o bona tamene. O a ipotsa hore na o tla kgona ho kgutlela hae empa jwale ho shebahala eka tamene ena ke yona e mo bitsang ka baka la mmino o llang. Ha a eso ka a enwa jwala empa hona jwale o a bo kgalla. O ikutlwa a batla ho lebala ntho e nngwe le e nngwe. O hloka ho lebala kgatello ya moya eo a nang le yona mme o bona eka ho itsokotsa a tantsha bosiu bohle  ho tla mo lebatsa mathata a hae.

Ha a fihla tameneng o ya moo ho rekiswang jwala. Mme motho ya rekisang o atamela ho yena mme o a mmotsa hore a ka thabela eng.

“Kgarebe, o ka rata hore ke o rekisetseng eng kajeno?” Ho botsa morekisi tameneng.

“Ke kopa dishoto tse hlano tsa Vodka hle, ho rialo Mpho ha a etsisa dibapadi tsa dibaeskopong tseo aneng a tlwaetse ho di shebella.

“Ke a tla le tsona Kgosatsana, di tseleng” ho bua morekisi wa tamene.

Mmino o lla haholo tameneng mona. DJ o bapala pina ya Mafikizolo e bitswang Love Potion. Mpho o sa nwele shoto ya boraro ha ho kena mohlankana e motle a motsho mme a atamela moo ho rekiswang jwala.

“Monghadi, o ka thabela ha nka o rekisetsang kajeno?” ho botsa morekisi wa tamene.

Monna enwa o bua a ntse a leka ho kgahlisa. Mme o shebile Mpho.  A re “ke tla nwa seo ase nwang.”

Morekisi yaba o nka dishoto tsa Vodka mme o di beha pela monna enwa. Ke ha monna enwa sa atamela ho Mpho. Jwale Mpho o etsa ekare ha a mo natse.

Ke ha monna enwa a qala ho mo qoqisa. “Ekaba lehodimo le nketsa jwang na; ha ke eso bone pabala e ntle jwalo ka wena tjena.

Mpho jwale o sa tahilwe ke jwala ha a theolela shoto ya hae ya ho qetella. “O reng na? O re ke motle nna? Tsamaya o ilo thetsa ba ratang, e seng nna”

Ke ha a qaboha. O a tseba jwale hore Mpho o mofa boima boo a bo thabelang.

“Ke nna Tony mme ba nthatang ba mpitsa T. Nka thaba ha o ka mpitsa T, pabala.” Ho bua monna enwa ya nang le kgahleho ho Mpho.

Ke ha jwale Mpho a se a qaboha. “O re ke bitseng na? T? Ho lokile he ke tla o bitsa T.”

Ke ha Tony a bososela mme a re “nka se thabela seo.”

“O tsebe he kgarebe batho ba bang ba mpitsa Charmer T, ebe ba se ba mpha le dinomoro.” O bua jwalo a leka ho mo fereha.

Ka mora dishoto tsena tsa hae, Mpho o ne ase a hapehile ke mohlankana enwa. Mme ke ha a mo fa dinomoro tsa hae tsa mohala.

“Ke tla ho kenya le ho facebook ya ka,” o bua jwalo a itshepile mohlankana.

“Nthomelle kopo. Nka nna ka e amohela,” le yena jwale o se a ithatisa, kelello e ferekane.

Ke ha Tony a se a atamela mme a nto mo tadima ka mahlong. “Nana, ha ke re tlohe mona re ke re ye tulong e kgutsitseng, moo e tlaba nna le wena feela. O reng nana?”

Mpho ha a qeaqee le hore a nahane haholo , ha a .hopola bothata bo aparetseng lapa la habo. “Ho lokile” ke ha araba.

Ba fihla moo mohlankana enwa a dulang ka koloi ya hae. Ha ba kena ka tlung, mahlo a Mpho ha fele ke bo boha botle ba ntlo ena, le ka moo thelevishene ya teng e shebahalang ka teng.

“Lerato laka, na o ka thabela baeskopo?” o mmotsa tjena a ntse a mo etella pele hore a dule sofeng. Ke ha a bososela mme a hlahisa pontsho ya ‘Girl’s Trip’. “Ke nahana hore o ka thabela ena”

“Ke bosiu mme ke nahana ho ya lapeng” ho bua Mpho. Ekare o hloleha le ho phahama sofeng. Hlooho ya he ea dumaela.

“O tlameha hore o hlaphohelwe pele,” O mo tlisetsa kgalase ya metsi.

‘Enwa ke mohlankana,’ ke ha a ntse a itoutela tsa hae.

Ke ha monna enwa a dula pela Mpho sofeng mme a qala ho tshwaratshwara leoto la hae. Ke ha a atamela ho mo suna. Mpho o a tseba hore ha a tlameha ho dumella sena se etsahale empa o nwele haholo, mme le molomo wa motho enwa o utlwahala o le monate.

Le pele a elellwa le hore ho etsahalang, ke eo o se a iphumana a le ka kamoreng le Tony. Ke ha Tony a mo hlobodisa diphahlo hanyane hanyane. Yaka o tsamauwa ke metsi mokotlong. Ha a eso ka a kopana le monna bophelong ba hae. Ka hloohong e ntse eka oa bidikoloha.

“Tony….Tony….ema hle,” ke ha a leka ho bua.

“Iketle hanyane nnana. Ha ke na ho utlwisa bohloko” ho bua Tony.

Ke ha amo beha betheng. Jwale ba se ba hlobotse ba apere sutu ya tlhaho. Ausi ke enwa o a thothomela. O a qala. Ke ha Tony a mo suna molaleng mme a theosa ka yena mmele a ntse a mo suna. Mpho o leka ho iketla empa jwale Tony ha a leka ho  mo kena ke ha a ntse a tiisa mmele. Dintho di bonahala di sa shebahale hantle. Empa kgetlo la bobedi ha Tony a leka ho mo kena ho ile ha ba bobebe. E feela ha a ka amo utlwisa bohloko. Ka mora moo ke ha ba tshwarana ho mamarelana.

Ke ha Tony a mo sheba mme a pholla lerama la hae.

“Ke a leboha” ho bua Tony. Ke ha ausi nnyeo jwale a se a tlosa hlooho ya hae mosamong mme a e beha sefubeng sa hae ho utlwa ha pelo e ntse e uba.  Mpho yaba jwale ha a sa ikgopola mme a robala. Ha a re phapha, Tony ha ayo. Ke ha a sheba mealo. Mona moalong ho shebahala ho ena le mehwabadi ya madi.

Ke ha Tony a tla a ithatetse ka lesela la ho hlapa. “Ke ntse ke hlapa”

“Ekaba ke madi a ka aa?” O bua jwalo Mpho ase a tshohile.

“Ke a hao nnana. One o qala ho kopana le monna. Ke  ntho etlwaelehileng ena e o hlahetseng. Se ke wa tshwenyeha ke tla o hlokomela.

Keha Tony a kena le Mpho tulong ya ho hlapela. Ha ba ntse ba hlapa Tony a qala homo suna.

E se e le hora tsa hoseng ha Tony a felehetsa Mpho ho ya lapeng. Ke ha a fihla a kena ka fensetere ya kamore ya hae. Ha a ntse a robetse mona betheng ya hae, boko ba hae bo sa dumaella Tony.

***

Re bolele: O nahanang ka Tony?