Ho se ho eba lefifi ha Joe a kgutlela ka tlung ya hae mme o fumana Basetsana a dutse sofeng. O tletse dikgapha mme o mo putswa pududu. Mme mahetla a hae o a honyeditse. O ikutlwa a na le mohatsela ka lebaka la kgatello ya moya eo a e baketsweng ke leleme la Seipati. Sena se mo thefutse moya. Pelo ya hae e a robeha mme o iphumana a se thothomela ke letswalo la monna wa hae. Mme o bua a le mong o re, “sephiri sena se ne se sa tlameha ho tswa.”

“O nthobile Pelo Basetsana, nako ena kaofela ke ne ke ipolella hore Mpho ke ngwana wa ka,” ho rialo Joe.

“Ke kopa tshwarelo,” ho kopa Basetsana.

“O kopa tshwarelo? Basetsana, ako mpolelle hore ntate wa Mpho ke mang ha e se nna?” Ho botsa Joe

Yaba Basetsana o omellwa ke mantswe, mme keha a leka ho bua. “Mpho ke ngwana wa Mongezi”,  mme o a araba.

“Mosadi ke wena, ke wena eo o ilo feba le motswalle wa ka”,  ho bua Joe a kwalehile ke ho halefa.

Basetsana ke eo a leka ho tshwara Joe. Joe ke ha a hoeletsa. “Ntlohele, mosadi ke wena.”

“Rato laka ntho ena e iketsahalletse feela, e etsahehetse e sa hlophiswa. Ke kopa o utlwisise hle……ke ne ke sa morate. Ke phoso kaofela ntho ena.” Ho rialo Basetsana a tletse ke tshwabo.

“Oh, se ileng sa etsahala see pakeng sa hao le Mongezi? Mosadi ke wena ha hona mohla moo motho a kileng a tsamaya a ntse a bula dinoka feela. O entse ntho ena ka boomo.” Ho rialo Joe a bela ke kgalefo.

Yaba Mpho o ikakgela ka hare, o kgathetse ke ho itsokotsa le banana ba bang. O fihla batswadi ba hae ba qabane.

“Mme! Ntate! Ho etsahalang? Le nne la qabane tje?” Ho botsa Mpho

Basetsana ke eo a tjhellwa ke ditaba. “Ngwana wa ka, nna le ntate wa hao, re sa na le maqakabetsi ao re shebaneng le ona.”

Joe ke ha a bela ke kgalefo. “Mosadi towe, a ko bolelle ngwana nnete, ke ntho eo a tlamehang ho e tseba, ha o sa mmolelle wena, nna ke tla mo jwetsa ka bo-nna.

Basetsana ya ka o timelletswe ke matsatsi. “Nnana ke kopa hore o dule fatshe,” yaba o a bua.

“Mme ho etsahalang moo? Ho botsa Mpho.

Yaba Basetsana o qalella ho bua a ntse a lla. “Lerato la ka! Ke o thetsitse ngwanaka, Joe ha se ntate wa hao.”

“Ha ke o kgollwe mme, ke mang ntate wa ka hee?” ho botsa Mpho

“Ke Mongezi” ho araba Basetsana.

“Mme wee! Mme wee! E etsahetse jwang taba ee eo o mpolellang yona? Malome Mongezi ke motswalle wa lelapa. Ha se ntate wa ka”. Yaba o tsitsinya hlooho, a makaditswe ke taba tsena. “Mme hobaneng e le hona o mpolellang taba tsee?” ho botsa Mpho.

“Ke ne ke sa tsebe hore ke o bolelle jwang. Ke ne ke sa fumane sebaka se hantle ho o bolella…..ke ne ke le monyane ke sa nahane hantle. Taba ena e ile ya etsahala.” Ho araba Basetsana.

“Ke mabakanyana feela ana ao o mpolellang oona,” ho hoeletsa Mpho, yaba o balehela kamoreng ya hae ya ho robala mme o itahlela betheng. Mme o paqama teng a ntse a lla.

***

Ke hoseng Mpho o qetella ho lokisetsa ho ya sekolong, mme ke ha a leba kamoreng ya batswadi ba hae ho ya ba suna le ho ba fonanisa. Ho makaleng ha hae, o fumana ntate wa hae a le siyo.

“Mme! Ntate o ho kae?”  Ho botsa Mpho a tshwenyehile.

“Ntshwarele, lerato la ka. Ntate o tsamaile mme ha a mpolella hore o ikemiseditse ho kgutla neng. O mpolelletse hore o hloka nako a le mong hore a ke a sekaseke hore bothata bona boo re leng ho bona bo tla rarollwa jwang. Taba ena ya hore ha se ntate wa hao e mo tshwere hampe.” Ho araba Basetsana ka moya o fatshe.

“Empa mme, o a e bona ntho eo oe entseng? Ntho e nngwe le e nngwe e ferekane jwale. Re tlasa pherekano e kgolo,” ho bolela Mpho. Yaba o tswa a befetswe ke kgalefo.

Ke ha tekesi e  letsa hutara mme e ema lehlakoreng leo Mpho a leng ho lona. Ke ha Mpho a kena ka hare ho tekesi mme a iphumanela setulo se haufi le monyako. Mahlasedi a letsatsi yaba a ntse a shapa fensetereng ya koloi empa ka hare o ne a ikutlwa eka o lefifing mme ha ho se hlakang. Meokgo e ne e itheohela fahlehong sa hae. One a ikutlwa eka a ka hoeletsa a re “Ahhhhhhhhhh”-mme a bulele moya o kwalehileng ka hare ho yena.

Mantswe a mme wa hae a ne a ntse a duma jwalo ka rekoto. “Ha o ngwana wa Joe, Mongezi ke yena ntate wa hao.”

Mehopolo ya hae e tebileng e ile ya phelephanyetswa ke modumo wa founu ya hae e neng e le ka phokothong.

“Dumela, lerato la ka,” ho rialo Joe Mohaleng.

“Ke thaba ha kaakang ho utlwa lentswe la hao ntate,” ho araba Mpho.

“Ngwana wa ka lebaka la hore ke letse, ke hobane ke batla ho o tsebisa hore… o tla dula o le ngwana wa ka. Ke nna ya boneng mehato ya hao ya pele ya boseeng. Ke ne ke le lehlakoreng la hao. Ke ne ke sa robale le bosiu ha o ne o le ngwana. Ha hona ka mokgwa oo nna ntate wa hao nka o lahlang,” ho rialo Joe Mohaleng.

“Ke a leboha ntate ho utlwa mantswe ao,” ho araba Mpho.

“Ngwana wa ka, ke a tseba hore taba ena ya hore o mphumane ke le siyo ha e a o tshwara hantle. Tseba hore nna le mme wa hao re tlameha re se be mmoho nako e kgutshwane,” ho bua Joe. Moqoqong ona wa bona Mpho o a hlokomela hore ntate wa hae o tshwenyehile.

“Ke a leboha ntate ka ho se ntese ke le mong,” ho rialo Mpho pele  a beha mohala fatshe.

Yaba Mpho o a tswa tekesing, o leba sekolong. Yaba o nkela mantswe a ntate wa hae pelong – ka le leng o tla kgutla. Ka le leng ba tla kgutlelana e be lelapa.

***

Re bolelle: O nahana ho tla hlokahalang hore Joe le Basetsana ba lokise taba tsa bona?