Dibeke di ntse di tla mme di feta. Mpho le yena o hlokomela diphetoho mmeleng wa hae. Ke enwa o eketseha ho nona mme o tsamaya a kgena feela ntle le lebaka. Ka dinako tse ding o iphumana a ntse a lla ntle ho lebaka.

Hoseng ho hong o hlokomela hore ha a qete ho hlatsa, ke ha a nka qeto ya hore o tlameha ho ya tleliniking. Ha a fihla o fumana ho tletse tswete. Mosadi ya thusang ka pele tleliniking sebakeng seo ho amohelwang baeti ba tleliliniki o shebahala a se mosa ho hang.  “Ngwanana, re ka o thusa kang?” O botsa a swentse dinko. Mpho jwale o ikutlwa a omme a sa tsebe le hore a ka pheta ditaba tsa hae a reng. “Ke mona ho etsa teko ya boimana” o bua a kgutsitse.

“Lona banana ting ha le na ditlhong” ho bua mothusi wa ka pele tleliniking. Ke ha a llisa le leleme la hae ke ho teneha. “O ne o nahanne eng?” Ke ha mahlo a bohle a fetoha a se a le ho Mpho. Mpho yena ka nqena o leka ho thiba meokgo hore e se keleketle mahlong a hae. Batho ba neng ba le mane sebakeng sa ho leta ba ne ba mo tonetse mahlo hoo a qetelletseng a se a swabile.

“Ho lokile he ngwanana, leba phaphosing ya bohlano, ho bua mothusi wa ka pele tleliniking, ka mora nako e telele.

“Morwetsana, re ka o thusa kang kajeno? Ho botsa mooki ha Mpho a kena phaphosing ya bohlano moo a leng teng. O shebahala a na le mosa mme o bua a ntse a bososela.

“Ke….ke…ke tlile mona ho hlahloba hore na ke moimana, ho bua Mpho ka lentswe le thothomelang a ntse a shebile fatshe.

“Ho lokile he ngwanaka. Tlo dule mona ke o hlalosetse seo o tlamehang ho se etsa. O se ke wa lla, ho tla loka” ho bolela mooki.

Keha mooki afa Mpho botlolo ya kgalase moo a tla tshela mosese wa hae. Ha Mpho a kgutla ntlwaneng ke ha mooki a nka ntho ya ho hlahloba boimana a e diketsa botlolong ena ya Mpho e nang le mosese. Ka bobedi ba bona ba ntse ba letile ho bona hore teko ena e tla reng. Ka mora metsotso e meraro ke ha Mooki anka ntho ya ho hlahloba boimana botlolong, mme jwale ba a e sheba ba le babedi. Yaba ha ba ntse ba e shebile, ke eo mela e mefubedu e hlaha. Ke ha mooki a sheba ho Mpho, Mpho yena o shebahala a ntse a thothomela.

“Morwetsana ho shebahala e ka o moimana. Empa ho tla hlokahala hore o etse teko ya madi ho netefatsa sena.” Ke mooki eo mme o bua a tshwenyehile ka Mpho.

“O re ke ithwetse?” Mpho o bua tjena ke kgale a ntse a ipelaella empa jwale ha a kgone ho amohela hore ke nnete.

“Eya, o ithwetse,” ho bolela Mooki. “Ke a tseba hore o sa tshohile hona jwale. Sena se a tshosa. Ke rata ho ka o kgothatsa hore o kgutle hape ka pele. O etse lebaka le tleliniki hore re tlo o fa maele a hore o itlhokomele jwang mme re o fe le tsebo e ngata. Re tla o fa tsehetso le tataiso ha o e hloka. O tlameha ho tseba hore o hloka ho etsa jwang jwale ka boemo bona ba hao.”

Yaba Mpho o a tswa a ntse a tshohile ka mora hore a nke teko ya madi hore a tlo netefatsa hore ha o ithwetse. Dipotso tse ngata di ne di ntse di fapakana kelellong ya hae. Hore e be o tla kgona jwang ho hodisa ngwana eo? Jwale e bile o a ipotsa hore ho tlile jwang hore a be moo a leng teng hona jwale? O ipotsa hore na ebe Tony o tla mo tshehetsa? Hape ebe o tla bolella batswadi ba hae jwang. Le hore na a ka mo boloka na ngwana enwa eo a ithwetseng ka yena. Sena se shebahala se mo aparela maikutlo.

***

Ka mora matsatsi yaba Mpho o kgutlela tleliniking ho ya nka diphetho tsa teko ya madi eo a neng a e entse mohla a neng a ilo hlahloba hore na ke moimana. Ke ha a fihla fa mothusi wa ka pela wa tleliniking tokomane ya hae ya boitsebiso le karete ya mona tliniking. Ke ha mothusi a ntsha tokomane khomphutheng mme a e kenya pampiring mme a kenya diphetho tsa Mpho ka hara enfolopo mme ke ha a e neha Mpho. Mpho kelellong ya hae one asa a elellwa hore  ebe mosadi enwa o reng ka yena,mohlomong ontse are banana ba itshwere hampe ha a nahana ka yena o bona tsela eo amo shebileng ka yona.

Ha Mpho a tswela ka ntle, a fumana letsatsi le tjhesa ekare ho tuka malakabe. Ke ha Mpho a fumana setulo se neng se le pela moriti wa sefate mme a dula fatshe. Matsoho a hae a fufuletswe mme molomo wa hae o omelletse.

Yaba qetellong ha a ntse a dutse jwalo, ke ha a bula enfolopo. Helang, ke nnete o ithwetse!

Yaka a ka re lefatshe buleha ke kene, ha a ntse a nahana. Ha ke lakatse ho ba mona butle ke nyamele.

Ha a fihla lapeng o se a itebetse le hore o ne a palame tekesi. Ke ha a ikwalla ka kamoreng. A nahana ka moo bophelo ba hae bo qhalanang ka teng. Le hore na e be o tla se kgona jwang sena ntle le ntate wa hae. Ha a ntse a robetse jwalo, o ne a lebelletse marothodi a pula. O rata pula haholo. Haholo tsela eo mobu o nkgang ka teng ha pula e na. Sena se mo etsa hore a theole matshwafo.

Yare ha ntse a paqame jwalo betheng, ke ha a nka founu ya hae a letsetsa Tony. Ke ha founu ya Tony ella nako e telele e sa arajwe. Yaba Mpho o leka hape ka mora metsotso e mehlano. Yaba founu ya Tony e arwajwa ke mosadi.

“Hello, ke kopa ho bua le Tony?” Ho bua Mpho.

“Mme wena o mang?” Ho botsa mosadi enwa a tenehile.

“Ke nna Mpho” o araba tjena pelo ya hae se ntse e otlela hodimo. O ikutlwa ekare o hloleha ho hema. O a ipotsa hore na ebe ke mang mosadi enwa a arabang mohala wa Tony.

“Ema hanyane” ho araba mosadi enwa.

“Hona jwale ha se nako e nepahetseng hore nka bua le wena Mpho. Ke dutse le kgarebe yaka,” ho bua Tony a mmolella sefahla-mahlo.

Kgarebe? Yaba Mpho o ikutlwa ekare o a kula. Kgarebe? Ekaba bosiu boo ba neng ba le mmoho le Tony ha bo sa na moelelo ho yena na? O ikutlwa a ferekane mme pelo e le bohloko. Ekare o hlwajwa ka thipa pelong.

“Kgarebe? O na le kgarebe?” ho rialo Mpho. “Ha ke dumele hore o nthetsitse.”

“Nna ha ke na nako ya masawana ana a hao. Mpolelle hore hobaneng o letsitse.” O bua tjena a potlakile eka ha a kgone ho leta.

“Tony, ke imile. Ke ne ke le tleliniking hoseng hona”

“O re o entse jwang? Nna ha ke a re ke batla ngwana. Ha se ngwana wa ka eo.” O bua tjena a phahamisitse lentswe.

“O bua jwang jwalo? O a tseba ha re a ka ra sebedisa kgohlopo. Nna ke ne ke sa tsebe letho ka hore ho etsuwa jwang ha ho etswa thobalano. Ke ka hona ke sa o botsang ka yona.” “O itse ntho e nngwe le e nngwe e tla loka. Ke ile ka o tshepa.”

“Ho hlakile hore ha ho ntho e lokileng hee”. Ke ha a mo kgarumela. “Sheba mona he ausi: Nna le wena re ile ra ikutlwisa monate bosiung boo. Le wena o a e tseba ntho eo. Ho ne ho se na ntho ya bohlokwa eo re ka kenyang kelellong. Ho fedile. Ke kopa o se ke wa ntetsetsa hape. Yaba o kgaola mohala.

Ke ha Mpho a se kgitla seboko. O a ipotsa hore hore keng a ile a ba sethotho hore a ka mo tshepa.

“Nana tlo o tlo ja,” ke Basetsana eo ha a mmitsetsa dijong tsa mantsiboya.

“Mama, ha ke a lapa,” o a mo araba. Ke ha Mpho a utlwa lentswe la ntate wa hae motsheo. A mo fumana a le tafoleng.

“Dumela ntate. O tlo etsang moo?” O a bososela empa ka hare pelo ya hae e robehile.

“Ke tlile ho lokisa dintho. Ke nka mehato e menyane jwalo ka hore ke tle ho tla ja le lelapa la ka.” Ho araba Joe.

Mpho ke enwa o ntse a bapala ka dijo tsa hae. Ha kgone ho ja. Joe o shebahala a kgathatsehile ka yena empa ha a re letho.

“Ha o batle ho ja. Bothata ba hao keng matsatsing aa ngwanaka? O dula o ikwalletse kamoreng ya hao. Ke a tseba dintho di boima empa nka thaba ha o nka bua le nna.” Ho bua mme wa hae a tshwenyehile.

“Mme wa ka ke lakatsa eka nka o bolella empa ke a tshaba,” ho rialo Mpho.

“Ngwanaka, o a tseba hore o ka re bolella ntho e nngwe le e nngwe,” ke ntate wa hae eo, a leka ho mo kgothatsa.

“Se ke wa tshwenyeha ntate. Ke mpa feela ke kgathatsehile ke mosebetsi wa ka wa sekolo,” ke ha Mpho a qapa maka.

“Ho lokile hee rato la ka, leka ho ja.” Ho bolela ntate wa hae.

Dijo tsa kajeno mantsiboya di shebahala di tshwana le tsa mehleng ya pele ha ba ne ba dula ba kopane e le lelapa. Empa jwale yare ba sa ja ke ha ntate wa hae a phahama a lokisetsa ho tsamaya.

“Lerato laka, ke tlamehile ho tsamaya,” ho bua Joe ke ha a atamela aka Mpho mme a mo suna phatleng.

“Tsamaya hantle ntate, ke dula ke o hopola,” o bua jwalo a leka hore a seke a lla.

“Sala hantle Lenyeloi la ntate. Otla dula o le pelong yaka.” Ho bua Joe.

Ke ha Joe a ba sadisa hantle.

***

Re bolele: O nahana hore Mpho o tlameha ho etsa jwang?