Kamora hoba nna le Stella re utlwane hape, ka hla ka ba ngwana Mpoane, ka mmontsha hlompho le lerato. E itse dintho di sa le monate jwalo, ke ha ho hlaha e nngwe tsietsi.

Ke ne ke le ka phaposing ya ka, ke etsa mosebetsi wa ka wa sekolo oo ke neng ke sa o qeta ha ntse ke ithuta mane laeborari. “Thulasizwe!” Nkgono o ile a nhwelehetsa, “weThulasizwe Dube, ukuphi na!?”

Ke ile ka phahama moo ke neng ke dutse teng, ke ipotsa hore e be ho etsahalang. “Gogo ngila ekamereni, ngiyabhala!”

Nkgono o ile a kena a betseha ka phaposing. “Yey wena ungangenzi isilima!” a hoa.

“Kamampela Gogo?!” ka kgotsa, ke maketse.

E itse ha Nkgono a atamela, a bona hore ke fela ke etsa mosebetsi wa ka wa sekolo. Ke ha a eme moo, re pheisana kgobe. “Mara mntwanami why bowungakhulumi?” a mpotsa.

“Ho reng bengingakutsheli ini gogo?” ka mmotsa, ntse ke maketse.

“Hei! Ntrombi o mpolelletse hore o tlo tejelwa sekolong ka baka la ho nwa jwala hona ha hao,” Nkgono a nkomanya.

Ke ile ka mo atamela. “Nkgono, ha ba no ntebelwa sekolong, ke etsa bojohle ba ka hore seo se se etshahale, ke a o tshepisa.”

Nkgono o ile a beha letsoho la hae lehetleng la ka, mme a ntjheba ka mahlong. “Ngwan’aka, jwala le dithethefatsi ha se ntho tseo o ka ikenyang naleng tsa phakwe ka baka la tsona.”

Ke ile ka itjheba maotong. “Askies Nkgono,” ka rialo.

“Hara metswalle ya hao kaofela eo o nwang o tsuba le yona, a ko ntjwetse hore na ke ba ba kae ba o lakaletsang botle?” a mpotsa.

Ya ka ke semumu.

Nkgono o ile a tswela pele. “O se ke wa ba bona ntse ba tsheha le wena ba re ‘skyf’, ba ntse ba o ja direthe.” A hemela hodimo. “O na le bokamoso bo tjhatsi, seo wena o tshwanetseng ke ho se etsa he ke hore o shebane le dithuto tsa hao, o tlohele ho nwa majwala le matitjhere, sies man mfana wami, o bohlale ho feta masawana ano hle! Tsebo e matla, e bile e tla o tlisetsa katleho bophelong.”

“Ke a ikwahlaya Nkgono. Ke o tshepisa hore ntho tseo ha di sa tla hlola di etsahala hape. Kgwedi tse tharo tsena tseo Mofumahadi Masemola a mphileng tsona ho lokisa dintho di mphahlollotse mahlo. Ha ke sa nwa jwala le mesuwe ya ka, e bile ha ke sa tshaba le sekolo. Ho tloha kajeno lena ha ke sa tla pheta ke thetsa jwala,” ka rialo e le ha ke dula hodima bethe ya ka. “He Nkgono, wa tseba ke kopane le ngwanana e mong tjena a nthusang ka mosebetsi wa sekolo? Lebitso la hae ke Hope Mnisi, mme ne nka rata ha o ka mo tseba ka tsatsi le leng, hobane o nthusitse haholo, le ho mpontsha molemo wa ho fetola mekgwa ya ka ya kgale.

Nkgono o ile a dula pelaka betheng, a bonahala a na le qeaqeo.

“Ke kopa o nkgolwe hle Nkgono, jwalo ka peleng ha o ne o ntshepa, mme o tla bona hore ha ke no o swabisa le hanyane feela. Ke tla nyolla dimaraka tsa ka, ke hloka feela ho di eketsa ka diperesente tse leshome lekgolong. Ke na le bonnete ba hore thuso ya Hope e tla etsa hore ke finyelle seo.” Ke ne ke mo rapela.

Nkgono a hemela hodimo. “Ho lokile, mntwanami, ke a o tshepa, mme ha e ba Hope o na le hona ho ka o thusa ho finyella mono moo o batlang teng, ha ke na ho o sitisa. Ke o lakaletsa katleho le mahloonolo. Jwale he, tsamo qetela mosebetsi wa hao wa sekolo,” a rialo.

Ke ile ka mo ama. “Ngiyabonga Gogo.”

O ile a bonya. “Ngiyakuthanda mntwanami.”

Bosiung boo ke letse ke sa robala. Ke ne ke fetoha ke sa tswa fetoha, ke tshwenyehile ka se ka nnang sa etsahala ha nkeke ka phethisa tshepiso ya ka.

Ka letsatsi le hlahlamang leo, sekolong, ke ha ke sa ikutlwe hantle hoo le Hope a ileng a hlokomela. “He Thulasizwe, udliwayini? O ka ntshebela,” a roalo a buela fatshe.

Ke ile ka mo sheba. “Ei Hope, ke na le maima a mangata. Mme le Nkgono ba a tseba ka taba ena ya ka mona sekolong, mme Nkgono ha a ya e thabela tu tje. O ntjwetsitse tsebe tsa tlala, mme ke sesitse bosiu ke ntse ke shebile.”

Hope o bonahetse a maketse. “Ha se wena a itseng ha ona ena Mme?”

Ka sheba hosele. “Eya, ntshwarele.” Ke ile ka tholanyana, ka boela ka mo sheba. “Ke ne ke na le dihlong tsa hobane a ne a sa tswa kgutla tjhankaneng ka nako eo. O ne a tshwarelwe ho nka tjhelete mosebetsing ka matshwephenene, mme jwale ke a hlokomela hore le nna ke molato diketsong tseo tsa hae hobane o entse tsohle tseo ho leka ho re phedisa, nna le ngwaneso Snethemba. Ke tshaba hore le ena ke tla mo swabisa.

Hope o ile a nkgula, ha a qeta a nkaka lerameng. “Se ka kgathatseha, nkeke ka o phoqa, ke tla o thusa ka bojohle ba ka.”

Ke ile ka mo sheba, ke leka ho bontsha lebonyo. “Tanki, ke ne ke tla ba kae ntle le wena?”

Kamora hore re qete ho bala ke ile ka ilo hlola S’bonelo moo a dulang. O ne a ituletse le Innocent, ba nwa botlolo ya Celtic Bay kamora ntlo. “Dumelang mathaka.” Ka rialo.

Innocent o ile a phahama, “Ei, kwashokufika i boza, a ko re qhatha moo senong sena sa satane.”

Ke ile ka qhelela botlolo eo thoko kwana, “Nah, ngi grand. Ke batla feela nkauza.”

S’bonelo o ile a nqhomela. “Ehe! Awufuni i bhodlela? U Hope ne? Lomntwana ukuphethe ngomthetho, sekakuyekise notshwala!?”

Ke ile ka phamola zolo letsohong la S’bonelo. “E seng jwalo thaka, re metswalle feela nna le ena.”

E itse ho ba ke qete ho tsuba zolo, ka ba jwetsa hore ke a tsamaya. S’bonelo o ile a tsheha hape ha a mpulela heke.

“Setswalle sa masepa,” a rialo ka marameng empa ka iphapanya ena. Ke ne ke jere maima a fetang ena.

Re bolelle: O nahanang ka Hope? S’bonelo ena?