Ho nka ditshwantsho ho hlophiseditswe Moqebelo o latelang. Bekeng eo kaofela haesale ke nahana ka yona motsheare le bosiu.

Ka letsatsi leo, ka palama terene e lebang toropong. Setudio seo a se sebedisang tsatsing leo se bapile le koletjhe eo a kenang ho yona mme ke phaposi e kgolo e tletseng kganya ya tlhaho.

Ho na le batho ba ka bang leshome le metso e mehlano ba sebetsanang le ho nka ditshwantsho hona – balokisi ba meriri, dinono tsa ditlolo, basebetsi ba mabone, le basebetsi ba dikhemera. Bohle ba ne ba le mosa mme ba mpuisa ka tlhompho – hanghang ka ikutlwa eka ke naledi ya ditshwantsho!

Metsotso e leshome ka mora moo, ke ne ke le ka hara seaparo sa avant-garde. Ho nna, se shebahala jwaloka ntho e tswang dipaleng tsa saense. Kholoro ya sona e kgolo hampe, mme mahetla a sona a shebahala jwaloka mapheo.

Ke bona Jonah a tla a lebile ho nna. Ka ikutlwa ke le dihlong ka hara seaparo sena, empa ke se dihlong jwaloka kgetlong la pele ha ke ne ke kopana le yena. A tsoka matsoho ka tsela ya thoholetso.

“Botle bo bokaalo! O shebahala jwaloka mosebetsi wa bonono!”

A ntataisa ho leba sebakeng seo ho sebeletswang ho sona. Se kganya haholo mme mabone a na le dikgele tse tshweu ka hodima ona hore kganya e lebe mahlakoreng a fapaneng. Mahlo a ka a qala ho tswa meokgo hang ha ke dula fatshe.

Sefahleho sa Jonah sa makala. “Na o hantle? Tjhe, bo, na o … a lla?”

“Ha se letho,” ka rialo, ke panyapanya ho balehisa meokgo. “Mahlo a ka a mpa a tshaba kganya haholo feela. Ka lebaka la …” Pele nka re ‘bosofe’, Jonah a oma ka hlooho, a utlwisisa, mme a hoeletsa, “Fokotsang kganya ya mabone!”

Ehlile ke yena ya ka sehloohong mona. Hanghang mabone a shebahala a fifala hanyane, mme ka kgona ho bona hape.

Ho nka ditshwantsho ha feta feela jwaloka toro, toro eo ke sa batleng ha e fela.

Jonah a mpolella hore ke motlelara ka tlhaho, hore sefahleho sa ka se kgona ho bontsha maikutlo, le hore o rata ho tshepahala hoo ke ho bontshang ha ke sheba ka hara khemera.

Ke ne ke sa tsebe hore ho tshepahala ke bokgoni. Leha ho lejwalo, ke thabile.

Ka nako e nngwe le e nngwe ha lebone le tsekema, ke nahana hore ke molomo wa hae o a ntshuna.