Ka Mantaha hoseng ka ikela sekolong jwaloka tlwaelo.
Ha ke potela hukung ya pasetjhe ka bona Carmen Hofmeyr le sehlopha sa hae sa Bomamoratwa. Kaofela ba tonetse iPad ya Carmen mahlo.
Carmen a ntjheba a hlile a busitse sefahleho. “Ke ne ke sa tsebe hore o mmotlelara.” Ke utlwa eka lentswe la hae le na le ho tenehanyana ho itseng. A phahamisa iPad mme ka bona seo a ntseng a se shebile.
“Ho na le dintho tse ngata tseo o sa di tsebeng ka nna,” ka rialo, mme ka thinya ka itsamaela.
Ha morao mantsiboyeng ao ke ne ke le lapeng mme Jonah a nthomella molaetsa ka SMS.
O batla ho ya moving mafelong a beke?
Ha ho mabone a kganyang! Mpolelle haeba o batla ho ya!
O ntse a hopola bothata ba ka ba kganya e matla. Taba ena ya etsa hore ke ikutlwe ke futhumala jwaloka haeka ho na le lelakabe le lenyane ka mpeng ya ka.
Nkile ka utlwa ho thwe ha ho a loka hore banana ba be ba se ba araba hanghang ha ba qeta ho fumana molaetsa, empa nna ha ke kgathale. Ha ke banana ba bang. Ke ngwanana yane ya setshwantshong – ya sebete, ya motle, ya sa kopeng tshwarelo ho motho.
Ka araba molaetsa oo mme menwana ya ka e tlola ke thabo, e ntse e tobetsa dikonopo tse nyane.
Ekare e monate! Nka thabela ho ya!
Ntetsetse ka Labohlano re hlophise?
Ka leba seiponeng. Ho etsahalang. Na ke a fetoha? Ka sheba sefahleho sa ka, jwaloka ha ke se ke ile ka etsa hangatangata. Ka sheba molomo wa ka. O a bososela. O etsa hore ke shebehe ka tsela e nngwe. Ha ke sa tshohile. E seng jwaloka ha eka ke ipatile.
Ka tobetsa “send” mme ka bososela ke le mong. Ka ikutlwa eka nka tlolela kwana marung. Ka ikutlwa eka nka bina. Ka ikutlwa eka nka busa lefatshe lohle.