Moketjana o qala ka hora ya 5 mantsiboya ka Moqebelo mme ke tshwanela ho ya teng ka bese.

Ka elellwa hore ho na le ho hong ho phoso hanghang ha ke kena hekeng ya tshimo ya teng. Ho na le bana ba babedi ba dutseng ka ntle ditepising tsa lemati le ka pele. Mme ha ba a apara diaparo tsa boikgakanyo.

Lemati la ka pele le butswe. Ke kena ka tlung. Hang ha ke kena ka phaposing ya ho phomola, ka utlwa mahlo a ka bang lekgolo a le ho nna.

Ka motsotswana feela, o utlwahetseng eka ke dilemolemo, ka elellwa: Ha Ho Le a Mong Wa Bona Ya Apereng Diaparo Tsa Boikgakanyo.

Motho wa pele ho bua e bile Charmaine Johnson. Ke karolo ya ba hlomphuwang haholo sekolong sa rona se phahameng. O se ke wa mpotsa hore ke hobaneng. Ke semaumau tjena. O apere mose o mmala wa gauda o monyane hoo o lekanang le leselanyana feela. Mohlomong ke feshene ha ke tsebe.

O eme pela Kim Wafer, ya shebahalang jwaloka ka haeka ke lefahla la hae.

Kim a sothaka sefahleho. “E le hore o tshwanetse ho ba mang he wena? Lady Gaga?”

“Ha ho motho eo ke tshwanang le yena,” ka araba ke phodile. “Ke tshwanetse ho ba nna ka sebele. Wena o apere ho ba mang he?”

“Ha ho motho eo ke tshwanang le yena!” a araba ka bohale. A nyolla le ho theola letsoho la hae mmeleng wa hae, “Nthwena ke feshene.”

“Pampiri eo ya ho phuthela tjhokolete? E batlile e ntsietsa,” ka rialo, mme ka tsamaela lehlakoreng la tafole ya dino ho ya nka galase ya senomaphodi.

Ka utlwa batho ba tsheha. Ke thabetse hore ha ke bone sefahleho sa Kim. Ke na le bonnete ba hore mahlo a hae a ntlhaba ka dithipa tse bohale hampe ka mokokotlong ka mona.

Moketjana wa qetella o le bobebe haholo ho feta kamoo ke neng ke nahanne ka teng. Bana ba bangata, ba bang ba bona ba kenang le nna ka tlelaseng, ba nkopa ho nka setshwantsho le bona. Nako e ka etsang hora kaofela, ka ikutlwa ke sa tshabe letho. Ekare khosetjhumo ena e ntshireleditse, e ntumella ho ba motho e mong.

Leha ho le jwalo, ho a kgathatsa. Ka 7.30 ke ne ke se ke utlwile jwale. Ka tswela ka ntle jareteng. Tshimong ho tletse dilanterene tsa pampiri mme tse ding di fanyehilwe difateng. Sena se etsa hore ho be hotle ka tsela e makatsang. Ekare moru wa tshomong ruri.

Ka elellwa sebopeho sa motho se emeng ka hara dihlahla tsa dipalesa, ka khemera e shebileng hodimo marung. O apere anoraka e bolou bo lefifi. Ka atamela hanyane. Dieta tsa ka tsa twatlatsa makala a ommeng fatshe − twatla!

A theola khemera ya hae mme a sheba ka ho nna. “E ntle, ha ho jwalo?” a rialo.

Ke makaditswe ke hore o bua le nna ke sa lebella, ka ho phutholoha ho hokaalo, hoo ke sa tsebeng le hore nka reng. A sheba hodimo marung hape. Ka latela moo mahlo a hae a shebileng teng mme ka bona seo a se bonang. Ehlile. Ke kgwedi.

Esitana le kganyeng ya kgwedi le ya lanterene, ke kgona ho bona hore o hlile o motle. O shebeha jwaloka motho ya tswang makasineng wa batjha wa Teen Vogue, ha ke se ke bua nnete feela.

“Ke nna Jonah,” a rialo, a bonya, mme ka elellwa hore ke hohetswe mme ke lahlehile menahanong ke ntse ke mo shebile.

Ka thetha sehohlola. Mme hang ka utlwa ke batla ho kgohlela. Ke hantle, Aggy, kgohlela haholo feela, jwaloka haeka o na le TB. Ka kgona ho qobella lebitso la ka: “Agnes.”

Ka fumana hore lebitso la hae ke Jonah Farrier, hore ha se Mojuta ka ho phethahala, mme wa hae o ngola dibuka tsa ho hahlaula ka tjhelete e itekanyeditsweng, le hore ntatae e ne e le e mong wa batho ba pele ba mmala ba ho tswallwa sepetleleng sa Groote Schuur.

Eitse moo ke reng ke tla qhibidihela fatshe ke ntse ke shebile ka hara mahlo a hae a matle a sootho, moshanyana ya nang le manyetse a hlahisa hlooho ya hae le lemating le ritsiswang mme a hoeletsa, “Wa thaka! Re a tsamaya!”

“Mphe motsotso feela!” Jonah a araba, lentswe la hae le fofa ka hodima jwang ka bonolo feela.

“Ho na le seo ke batlang ho o botsa sona,” a rialo.

Ka ema, ke tshwere moya.

“Ke ntse ke kopanya khalendara bakeng sa Kgwedi ya Moralo ya Cape Town. Mokotaba wa yona ke ‘Maafrika Borwa a Ikgethileng’. Nka thabela ho o nka setshwantsho. O shebeha hantle haholo.”
Ke leka ho utlwisisa hore o sebedisitse jwang mantswe ana ‘shebeha’ le ‘hantle’ polelong e le nngwe. Boko ba ka bo ntse bo leka ho e thuisa hantle, empa ha bo kgone.

Ekare o utlwa dihlong tsa ka tse bohloko. “Ehlile, ke tla utlwisisa haeba o sa batle, empa -” O mpha tsela ya ho hana; ha ke e batle. Ke a tseba hore ke batla ho e etsa. Ke batla hore a mpone. Ke batla hore a mpone kamoo ke leng ka teng.

“Ke tla e etsa.”

Pososelo e phatlalla molomong wa hae o dipounama di shebehang di le bonolo. Ekare ke shebile letsatsi ha le tjhaba.