Joy o ntjhebile, o apere jesi e bonolo, e nang le mmala o pinki, e nang le boya. Mme mahlo a hae a tletse tshabo. Ho potoloha sefahleho sa hae, malakabe a perese a tswedikana jwaloka dinoha.

“Tjhe Daniel! Tjhe, ka kopo hle, Daniel!”

Ke kgona ho utlwa lentswe la hao ka ho hlakileng hodima mollo o tukang.

“Daniel, ha ho seo nka se etsang. Ke a mo rata, e seng wena. Ke tla mo rata ka dinako tsohle. Ho sa natswe hore na o reng.”

Ntho e nngwe le e nngwe e ile ya ba lerootho. Ha ke kgone ho utlwa hore banka e ya sisinyeha. Ha ke kgone ho utlwa motswalle wa ka Tshepo. Le hoja a ne a dutse haufi le nna.

Ke bona feela Joy, ya apereng jesi e bonolo, e mmala o pinki le mahlo a tshohileng. Le lentswe la hae le kopang.

“O se nkutlwise bohloko hle Daniel!”

Mme jwale ha hlahella hamore. Ha ke tsebe hore e ne e tswa hokae, ka lehlakoreng la ka le letona. Ya mo otla lehlakoreng le letshehadi ya hlooho ya hae. Modumo o matla o tshosang o tswakaneng le sello sa hae. E ne e le madi feela– a tsholohetse jesing ya hae e bonolo, e mmala o pinki e nang le boya.

O phela jwang le setshwantsho se jwalo se dutseng bokong ba hao?

Ka ipolella: “Bona ke bohlanya! Ke feela hore o ntse o sebetsa ka thata. O ntse o nka difoto tse ngata haholo tsa ketsahalo tsa tlolo ya molao. Ke feela kelello ya hao e ferekaneng. E, ena ke tlhaloso ya mahlale.”

Mme e ne e le nnete. Dikgwedi tse mmalwa pele ho mona, Barnaby o ile a mphahamisetsa boemong ba ho tla motshwantshi wa difoto tsa tlolo ya molao ya ka sehloohong bakeng sa koranta. Nka o bolella hore ke bile paki ya dipono tse tshosang. Ke ile ka di bona, le ho nka difoto tsa tsona. Ho bona madi ana a mangata tjena ho ka etsa hore o nyekelwe ke pelo!

Ha ho na pelaelo hore dipono tsena di ne di baka pherekano kelellong ya ka ha ke ntse ke shebile mollo wa sangoma. Mme, Joy o ne a le mehopolong ya ka kamehla. Kapele ho mohopolo wa ka. Sohle sena se ka hlaloswa.

Empa, ka ipotsa: “Joy, na o na le jesi e mmala o pinki?”

A sosobanya sefahleho. Yaba o a tsheha. Jwale o ne a tsheha haholo. O ne a qetile ditlhahlobo tsa hae. O ne a tshwenyehile mme a thabile ka nako e tshwanang, a emetse diphetho tsa ditlhahlobo.

“Tjhe, ha ke na yona. Hobaneng ha o botsa, Daniel?”

“Ke kopa hore o ntshepise hore le ka mohla o ke ke wa reka jesi e pinki.”

“Hobaneng?”

“Ke hloile mmala o pinki,” ka bua leshano. “Haholo mmala o pinki onang le boya.”

Ke ne ke na le hamore. Hara lebokose la dithulusi kitjhining ya folete ya ka e nyenyane. Ke lefile tjhelete e ngata haholo bakeng sa yona. Empa ke ile ka e lahlela hara moqomo wa ditshila kantle ho diofisi tsa koranta.

O a utlwisisa. Ho leka nahana ka eng kapa eng e ka etsahalang. E le hore feela ke se ipehe molekong.

Mme dibekeng tse latelang, ke ile ka kgona ho theoha matshwafo a ka. Ke ile ka kgona ho kgutlela kelellong ya ka e sebetsang hantle. Ho feta mona, motswalle wa ka wa mofutsana Tshepo o ne a ntse a palama thekisi, a se na ngwanana eo a ratanang le yena. O ne a na le setshwantsho sa Lola se fanyehilwe leboteng la kamore ya hae ya ho robala. O ne a e sehile koranteng. Mme ke kamoo a neng a ka ba haufi le ngwanana wa ditabatabelo tsa hae.

Empa mantsiboya a mang Tshepo a letsa.

“Daniel, monna! O ke ke wa kgona ho hakanya. Le haeba o ka newa nako e telele hakakang. Monna, mokete o qadile!”

“Mokete wa eng?”

“Tjhe, nke ka o bolella ka molomo, Daniel. Ke tla o bontsha. Ema. Ho iponela ka mahlo ke ho dumela, monna!”

***

Re bolelle hore na o nahanang: Tshepo o tlilo bontsha Daniel eng?