“Ho lokile, Daniel! Ona ke mohlolo, monna? Tsena ke ditaba tse monate ka ho fetisisa!”

Tshepo o ne a thabile haholo hoo a batlileng a kgopjwa le ho tselaneng e moepa ya leralla. Mahlo a hae a ne a phatsima.

“Ke a bone, Daniel. Ho na le malakabe a mmala o perese!”

“O re o boneng, Tshepo?” Ke ne ke sa kgone ho phefumoloha, ke ne ke sa kgone ho bua. Ho ne ho na le ntho e itseng e boima le e tshosang e neng e le hodima sefuba sa ka. Ke ile ka hetla ho sheba mokgorong wa sangoma. Jwale mollo o ne o timme. E ne le e feela qubu ya molora o tswang mosi. Empa ka hare ho hlooho ena ya ka, ke ne ke ikutlwa e ka ho na le mollo o tukang ka bohale. Mosadimogolo o ne a nyametse.

Ke ne ke sa tshwanela ho ya moo. Nka be ke ile ka tlohella motswalle wa ka ho fuputsa bokamoso ba hae a le mong. Ke bile sethoto hakakang ka nnete, ka ho itshunyatshunya dinthong tseo ke sa di dumeleng!

“Tsepamisa kelello ya hao, Daniel Dlamini! Ke hobaneng o sa mamele? Nna – ke kganna koloi ya Range Rover, hana e bitswang! Range Rover ya moraorao, e mmala o mofubedu! E nang le mmino o tswang disepikareng kaofela! Mme ho na le ya dutseng haufi le nna…e be ke mang eo?”

“Ke mang?”

“Ke Lola. Ke motlelara ya itlhommeng pele? E, o ne a tsheha le nna jwaloka ha e ka ke ne ke le karabo ya ditabatabelo tsa hae. Matsoho a hae a le hara matsoho a ka! Ke lehlohonolo hakakang?”

Re ile ra fihla boemelong ba dibese empa Tshepo ha a ka a kgaotsa. “Ke bokamoso bo hlollang hakakang! Ke nahana hore bo tla qala haufinyana! Sala hantle, bophelo ba moshemane wa mofutsana!”

Hara bese, halofo ya leeto le yang lapeng, qetellong o ile a botsa: “Mme tsa hao ditaba ke dife, Daniel? Na ho na le letho leo o ileng wa le bona hara malakabe?”

“Tjhe, ha ke a bona letho,” ke ile ka bua leshano.

“Ho lokile. O ne o tshwanetse ho lefa mosadimoholo! O lahlehetswe, monna.”

Ke ila ka shebella masimo ha bese e ntse e tsamaya. Ke ne ke leka ho tlosa kelellong ya ka pono e tshosang eo ke e boneng. Empa e ne ke hana ho tsamaya: e ne e tshosa haholo ho feta ditoro tsa ka tse tshosang tsa bosiu.

“Ana ke masawana feela,” ke ile ka bolela Tshepo. “Ha ho letho le bontshang mahlale mona. Ha ho na motho ya ka kgonang ho tseba bokamoso.”

“Ana ke masawana feela,” ke ile ka ipolella jwalo. “Ke rona ba iketsetsang bokamoso ba rona.” Ha ho a ka ha thusa.

Re ile ra ya habo Joy. Mme wa hae a re, “O se mo kgathatse, Daniel. Ditlhahlobo tsa hae tsa makgaola-kgang di qala ka Mantaha.” Empa ke ne ke batla ho kopa Joy matsohong a ka.

“Ke eng e phoso, Daniel?” Ho botsa Joy. “O bonahala o tshwenyehe haholo maikutlong. Ho etsahetseng?”

“Ha ho a etsahala letho,” ke ile ka bua hape leshano. Ke ile ka sheba sefahleho sa hae se setle, le mahlo a hae a kganyang. Tjhe! Pono yane le ka mohla e ke ke ya etsahala! Ho hang e ke ke ya etsahala! Lena ke lerato la bophelo ba ka, moya wa lerato la ka!

Ka ipolella, “Tshepo o boleletswe bokamoso ba hae. Mme bokamoso ba hae ke eng. Koloi ya Range Rover! A ke o nahane feela!”

Joy o ile a tsheha hammoho le nna. “Range Rover? Mohlankana eo ya dikobo-di-mahetleng ha a na le tjhelete feela ya ho lefella thekisi!”

“Ke nnete! Ho hang ha a na monyetla wa sena.”

“Ke tshepa hore ha o dumele taba eo ya motswalle wa hao wa sethoto, Daniel. O a tseba hore ke ikutlwa jwang ka ditaba tsena tsa ho profeta nako e tlang le dintho tse jwalo.”

Yaba o ntshutuletsa kantle ho ntlo. “Tsamaya. Ke tshwarehile haholo. Ke hloka diphetho tse ntle e le hore bokamoso ba ka bo ka qala, a ke re?”

Empa bosiu boo kaofela, pono e ile ya ntshosa. E ile ya fedisa boroko ba ka: pono e tshosang e ileng ya etsahala hara malakabe a mmala o tshosang o perese. Bosiung boo, le masiung a mangata a latelang.

Ramosebetsi wa ka o ile a mpotsa hore na e be ke lahlehelwa ke kelello na.

***

Re bolelle hore na o nahanang: Daniel o ile a bona eng malakabeng?