Ke sefofaneng. Se lebile Kapa le bakeng sa Joy, lerato la bophelo ba ka.

Mme na o tla ntshwarela bakeng sa dilemo tsena tse pedi tse fetileng? Na o tla utlwisisa hore ha e a ratang le mang kapa mang ka lebaka la hae?

Ho feta mona: na o tla fedisa lenyalo lena la hae?

Motswalle wa ka Tshepo o nthomeletse imeile ena: “Daniel, monna, ngwanana wa hao o ile! O a nyalwa Moqebelong ona. Lehlanya ke wena! Ke wena ya molato!”

Empa ka nnete ha a rate monna enwa, hana o bitswa mang? Ha a mo rate! E bile feela taba ya hore o ne a sa tsebe hore na a etseng. Kahobane o ne a se a feletswe ke tshepo hore hore re tla ba hammoho. Ka nnete, wa tseba?

Ha a molato ho hang. Mantswe a Tshepo ke nnete: molato o mahetleng a ka. Empa ke tla lokisa dintho. Hang feel ha sefofane se fihla Kapa.

Motswalle wa ka Tshepo o tla mpotlakisetsa habo Joy. Ke ka mo kopa matsohong a ka mme ke re ho yena, “Joy, lerato la ka feela, ke kgutlile mme ke ke ka hlola ke tsamaya hape. O ke ke wa kgona ho nyalwa ke monna enwa. Mmolelle hore a a tsamaye a o tlohele. Mmolelle hore o motho wa ka.”

O tla dumela, a ke re? Mme re tla ba hammoho ka ho sa feleng hobane re reretswe ho ba hammoho. Mme le ka mohla nke ke ka hlola ke nahana ka pono e tshosang mollong. Mollo wa sangoma sa Tshepo.

Bonnete, molato mona ke wa Tshepo. Ke yena ya ileng a tsitlella hore re etele sangoma kwana sebakeng sa mahaeng.

“E tlo, Daniel. O etsa mollo ona. Mme o kgona ho bona nako ya hao e tlang hona hara malakabe a mollo.”

Ke dilemo tse pedi tse fetileng. Ke ile ka sisinya hlooho. “O a bapala, Tshepo! Bona ke bohlanya. Ha ho letho le bontshang mahlale mona. Ha ho na motho ya ka bolellang pele bokamoso.”

Yaba ke tswela pele: “Ke se ke tseba ditaba tsa nako ya ka e tlang. Nako ya ka e tlang le Joy. Hang feela ha ngwanana enwa a qeta mangolo a hae a degree, re tla nyalana le ho nka maeto a ho bona lefatshe hammoho. Ngwanana enwa o tla ngola ditaba tse monate ka ho fetisisa mme nna ke tla nka ditshwantsho tse ntle ka ho fetisisa mme re tla thaba ka nnete.”

“A re tsamaye hammoho, Daniel. Ka kopo! E tlo le khamera ya hao. Mohlomong moqolotsi wa hao wa ditaba o tla rata ditshwantsho tsa metse ya mahaeng.”

Empa moqolotsi wa ka wa ditaba, John Barnaby, ha se motho wa masimo le maralla. O rata ditshwantsho tsa batho ba etsang ho itseng. Le madi.

Joy o ntse a tshwarehile a ithuta. Ho ne ho se letho leo nka le etsang. Ke ile ka kena leetong le lelele hara bese le Tshepo. Ha ke a ka ka nka khamera ya ka. Mme ho hang ha ke a ka ka fana ka tshehetso.

“Na o tiile hore o batla ho etsa sena, Tshepo? Ka dinako tse ding ke ntho e ntho hore o se tsebe hore na bokamoso bo na le dife.”

“Empa ha ke dumele hore e ka ba mpe ho feta bophelo ba ka ba hona jwale bo sa thahaselliseng. Ha ke na koloi, ha ke na ngwanana wa ka, ha ke na mosebetsi. Motho e mong le e mong o tshwanetse hore a be le dintho tseo a di labalabelang, wa tseba.”

Ka mora leeto ka bese, re ile ra tsamaya tselaneng e lerole ho nyolosa leralla. Tlhorong re fihlela sangoma le mokgorong wa hae wa kgale le mollo o nang le mosi o motenya o kubellang.

O bula seatla sa hae mme Tshepo o se tlatsa ka tjhelete eo a e sebeleditseng ka thata. Ke ile ka sisinya hlooho.

“Ha ke batle ho tseba letho ka bokamoso.”

Sangoma a ntsheha. “Ha se wena ya kgethang malakabe a mollo. Ke malakabe a mollo a o kgethang.”

Nna le Tshepo re ne re dutse hodima banka e sa tsitsang ha sangoma sona se ne se akgela ditlama tsa sona mollong. Malakabe a ne a hlile a le bohale, a betsetsa kwana le kwana dikotwana tsa mashala, mme mmala o pinki o kganyang wa malakabe wa fetoha o nang le mmala o perese o tshosang.

***

Re bolelle hore na o nahanang: Na Tshepo o bohlale ka ho batla ho tseba bokamoso ba hae?