O tswa kae?
Ha Mantilatilane.
Wa jang ?
Bohobe.
Wa futswela kang?
Ka metsi a pula.

*Thella he!*

Ke thelleng ke le Mokoena?
Wa Nkopane ya Mathunya, mailangwathelwa.
Ha ke je sengwathwana, ke ja polokwe kaofela.
Haholo ha meriti e theha, le teng ho theha ya diotlwana.
Koena ha e bohle moya, e bohla ditaba.
E di bohla e di lebesitse bathong.
Koena ya Monyane, ha e hlape e theosa, e hlapa e nyolosa madiboho.
Koena, koenane, koena di e hloile.
Ha di a e hloya ke lefeela, e di fahla ka seriti metsing.