Nkile ka ba bososedisa, le ho bua ke eso bue;
Ba kile ba nthata moriri, e le seshoba, ke sa o kama;
Le sefahleho ke eso se ngobofatse, ka ditlolo tsa teng.
Le nna ba kile ba nthata;
Ba mpitsetsa thoko, ba bea tafoleng ya bona taba;
Ka se fane ka karabo, ba bea sekotlolong, ya bona pelo.
Hobane ke ne ke sa le monyane;
Tseo ka di raha ka maoto.
Lerato ka le nena; ka le hana.
Ke ne ke se ke bone mahlomola a lona, ho ba bang;
Le ha seqong sa ka ke ne ke e so ka ke a latswa;
Ka furalla rato leo, ka ikela.
***
Lemo tse robedi tsa feta…
***
Jwale ke se ke bona lerato le kileng la nthata;
Le se le apere diaparo tsa mafahla, le ausi e mong.

Ke re ke bona lerato le kileng la nthata;
Le se le apere dintho hothwe ke di “me-tjheng a-otofiti”, tsa di “hims end hems”;
Kapa hothweng na?
Ke bona lerato le kileng la nthata;
Le se le ntsheditse ausi eo mahadi;
Folaga e le tse tshweu.
Lerato le kileng la nthata;
Ka le tadima le hobela, le korotlela;
Ha monate motjhatong wa lona!
Ka sala ke maketse.
Lebitla, ke tla ikepela le letenya!
Jwalo ka sekepe sa “tha-e-tha-niki”.
Ka hare ke itahlele, mmoho le makoko a ka a bonyaneng;
Ke lale ka pina ya hore: “Le nna ba kile ba nthata!”