Wena kgopo ya kgopo tsa ka!
Mabinabina a pelo ya ka!
Naledi fifing la ka!
Modimo a theola lengeloi,
Ho mpholosa.
Ka qala ka kgolwa, mme le ho dumela;
Hore ha ke mong lefatsheng lena.
Ka tlala thabo pelong.
Ka qala ka bososela le nna.

Ke ne ke sa dumele, hore;
Lerato ke ntho e phelang.
Ka sekgo’a ba re, ‘love is blind’,
Empa ba ile ba fosa.
Lerato ke ntho e ntle ha o thotse motho;
Ya jwalo ka palesa, ya dumelang,
Ho seo le wena o dumelang ho sona.
Le nka qeto bobeding ba lona.
Mme le tlo’ella tsohle, le ho kgahlwa,
Ke tsa lefatshe.
Ha di sa na molemo.
Hang feela ke,
Ka tlo’ella tsa lefatshe.
Ka qala ka hola, kelellong.
Mme le mehopolo ya ka, ya qala ya feto’a.
Ka nahana ka hosasa la ka.