Ha ho na ntho e utlwisang bohloko ho feta;
Ho utlwa hore mmao o lla ka tlala;
Haholo-holo ha o hopola hore, le ha ho ne ho se na dijo ka tlung;
O ne o ke ke wa robala o lapile.

β€œKe tlala fela”,
Ke mantswe a o hopotsang;
Hore nako ya ho ema, le ho etsa bonnete ba hore;
Mme wa hao, mosadi wa Molimo;
A ke ke a lapa!

Ho wena, Mme wa ka, eo ke mo ratang;
Ha fela Ntate Molimo a mpha matla;
Ha fela ke hema;
O ke ke wa robala ka tlala!

Ntate Molimo, modisa ya molemo;
Mong’a bophelo bo sa feleng;
Mphe matla a hore ke se ke,
Ka swabisa Mme ya ntswetseng.