Mme ,ntate wa bana
Nkgono, ntatemoholo wa ditloholo
Wena Malome wa batjhana,
Wena motswadi wa setjhaba!

Wa ipapatsa ho bohle,
Wa ipapaletsa hore obe motataisi,
Setjhaba sao tshepa,
Sao Tshepa ka maphelo a bona.

Wa ba atometsa pe LA hao,
Wa ba ruta dintle le dimpe TSA hao,
Ba ithuta wena kamehla,
Ba o tseba,ba o tlwaela.

Ba jetse ka PEO ya hao,
Ba lebelletse ditholwana tse ntle,
Kajeno ba kgotshe tse molemo,
Ka lebaka LA ho tshepa.