(Modumo wa dikopi tsa tee)
Mohanoe:Rangwane, wa tseba hona le ntho eo ke sa e utlwisisang ka lefu la M’e le Ntate?
Rasoeu:Monna Mohanoe, moholwane o re siile a ntse a le motjha dilemong, a e so be leqheku lena le ikokotlelang, ha mmoho le ausi.
Mohanoe:Ho na le ho sa mpheng hlooho hona moo.
Rasoeu:Ke hofe hona hoo monna? Hoba ba ne ba sa kule, ba wele feela, ho ya ka polelo ya hao.
Mohanoe:E hlile ke rata ho qoqisana hantle le wena taba ena ya lefu la bona, re sa le mmoho.
Rasoeu:O hle o bue taba tsa hao kaofela monna, ke sa le teng tjena, hoba ke a tsamaya mafelong a beke.
Mohanoe:Ha ke utlwisise Rangwane. Ha e sale ke emetse lepato le fete, ke tsebe ho o amela taba ena.
Rasoeu:Monna, wa dulela hore ha o utlwisise o sa bue taba tsa hao kaofela tjee! O tla utlwisisa jwang, le hona neng, o sa bue?
Mohanoe:Rangwane ha ke tsebe ke qale taba ena kae, ha ke o hlalosetsa yona. E ntutse ha bohloko hobane metswalle le ba leloko ba nsheba e ka re ke nna a bolaileng M’e le Ntate.
Rasoeu:Butle pele ho bua taba eo, e ka re e thata, a ko pote lebenkeleng mane o ntlele sikarete ke tlo tsuba, ke tsebe ho utlwa hantle hore o reng. Le wena o ke o hahlwe ke moya, o tle o tsebe ho beha taba tsa hao hantle tafoleng.

***