KE TSELENG E YANG LEBENKELENG

(Sephethephethe sa batho)
Mohanoe: (O bua a le mong) Kajeno tjena ke rata ho ntsha se ka sefubeng sa ka. Ke tlose menahano le maikutlo le dipuo tse pelong tsa batho ka seo ba reng ke se ke se entse. E bile pele ke ya lebenkeleng e re ke pote mane ha Mohanuoa, ke bone o ntse a etsang. Ha e sale ke mo qetela mohla mokete wa lefu. E re ke swaele hona teng.
(O kokota moyako habo Mohanuoa)
Mohanuoa: (O a arabela) Kena ha o le motho. Moratuwa, ke wena?
Mohanoe:O sa ntsane o mpitsa Moratuwa? Lerato le ne le fele mohla re utlwang dikakata.
Mohanuoa:Jwale o bewa ke eng mo, ha o sa hlolohelwa moratuwa wa hao?
Mohanoe:Ke tlo o hlwela, kgaitsedi, ho re o phetse jwang?
Mohanuoa:Bona mona, ha o na bonnete ba taba tseo. Batho bao ba ne ba buiswa ke tsela ya lefu, hore ba nehela moya.
Mohanoe:Tloha mona! Le Sweety e boletse taba ena.
Mohanuoa:Ag! Eo o ne a buiswa ke jwala, a qekisa ho nweswa. Nna ke batla e buwe ka motho a nang le bonnete ba yona, e seng e fofang moyeng mona.
Mohanoe:Ke mang eo re ka utlwang ho ena?
Mohanuoa:Hona moo habo Boraki, kapa ho ena, kapa lelokong la heno.
Mohanoe:Tloha mona! Ke eng seo Boraki a se tsebang, hoba o itsebela botlolo ya Brandy, le kelello e se e lahlela mono?
Mohanuoa:Ho ne ho ka ba molemo re mo tobe sefahlamahlo. Lehlanya le bolotseng, le ha le ka hlanya, ha hona mohlang le buang koma, o kile wa e bona ntho eo?
Mohanoe:O bua nnete, le ha o ka thola, ba a e etsa mehlolo seterateng mona, empa ha e le koma yona ha ba e bue kapa ho e etsa.
Mohanuoa:Jwale ho molemo re botse rangwan’ao lapeng moo.
Mohanoe:Rangwane ha a tsebe letho, ke motho le Kgauta. Re mmona ka mafu feela, le teng ha a batla. O sa bua jwalo, ke mona tjena o ne a nthomile lebenkeleng.
Mohanuoa:Jwale o tlo reng, ha e le mona o fapohetse nako e telele ho nna?
Mohanoe:Ag! moo a le teng o robetse. Diworisi di mo tshwara nako e telele ha a ka dieha ho tsuba, a be a robale metsotso e seng mekae.
Mohanuoa:Tjhehe, o sehloho Mohanoe, o bapala ka rangwan’ao moo.
Mohanoe:E re ke hle ke o siye, o se a tla phaphama moo a dutseng.

***