KE KGITLA, SETERATENG SA NTEO

(Modumo wa dikoloi )
MaNteo: Ke hopotse bethe ya ka e lefaufau, ke utlwa hantle hore ke tla kgaleha ho fihlela hosane.
Nteo: Ke ipotsa hore Mohanoe o setse a etsa dife? E ka re hona le ho hong ho etsahalang, kae ha ke tsebe.
MaNteo: Ho kang eng?
Nteo: Lori ela e potelang ka thoto bosiu ha kalekale, e ka re e tswa seterateng sa rona.
MaNteo: Ha ke a e bona.
Nteo: Ho makatsang ke hore e timile mabone.
MaNteo: Ha ra lefifi le lekale, la hara mp’a bosiu!
Nteo: Ra ba ra fihla. Koloi ena ke e siya hona mona, ke tla kopa Mohanoe a e kenye ka karatjheng. (Ba kena jareteng ya bona)
MaNteo: Kwala heke feela, o e siye kantle mona. O se mo tsose, ke a kgolwa o robetse ha monate. (O kena ka tlung) Joo! Jonna thepa ya ntlo ya ka! (O rwala matsoho hloohong) Mohanoe o ho kae?
Nteo: (Ka ho makala) Mohanoe, ke mang enwa o robetseng le ena fatshe? Banna, ena ke meleko! (O ferekane) [Ntlo e re o ne o nnehileng?]
Manteo: (Ka ho tshoha) Jo nna! e ka ba o ya phela ngwaneo? Ha e ka ha a utlwi le ha re mo hwelehetsa tje?
Mohanoe: (O tshohile) Jonna wee M’e le Ntate, ke lona? Ha e ka ke robetse fatshe le moratuwa wa ka tje?
Manteo: (O a mo halefela) Moratuwa wa ntho nngwe na Mohanoe? Ha e ka ke moradi wa Moroesi tjee enwa?
Nteo: Ke eo tsietsi, ke ao mahlomola! Manteo ditaelo tsa ngaka, re fositse mokubetso kgetlong lena.
Manteo: Mohanoe ke ngwan’eno enwa o robetseng le ena. Jo nna! Kapa ntse ke reng na?
Nteo: O se o tjholo Manteo, taelo tsa ngaka.
Manteo: Taelo tsa ngaka Nteo.
(Manteo le Nteo ba wa ke dipelo, letjhoba la lala phoka hanghang!)

***