(Buti o kena jareteng ka lebelo le hodimo. Nthati o makalletse modumo wa koloi, mme o tswela kantle ho lo bona)
Nthati : (O maketse) Helang ntate, bothata ke eng?
Buti : (O kgenne) Kena ka tlung re bue Nthati.
(Ba kena ka tlung)
Tabakholo : Mme! Mme! (O a lla)
Nthati : (Ka ho tshoha) Ho etsahalang? Ke kopa le bue le nna.
Tabakholo : Mme, ntate wa ka wa madi ke …ke …ke mang? (O ntse a lla)
Buti : Mora thola. Tswa’a tabeng tsena, hoba wena ha o na phoso ya letho. Nthati bua hore Tabakholo ntate wa hae ke mang, hoba jwale ngwana enwa o kula ka lebaka la hao. Ngwana enwa o llela moetlo wa hahabo. Taba ke hore nna haeso ha ho na moetlo, le wena wa e tseba taba eo.
Nthati : (Ka lentswe le thothomelang) O bua kang jwale ntate? Nna ha ke..ke..ke..ke..tsebe letho hore o bua ka eng. Ha..ha…ha…ke ..ke ..kena sephiri sa letho.
Buti : (O kgena le ho feta) Nthati! Nthati se ke wa ntena le ho feta, hoba ke tla o etsa ketso e soto. Bua nnete! (O a ema, o lata thipa)
Tabakholo : Ntate butle, se bolaye Mme! (O a lla)
Nthati : (O a lla) Buti Butle hle! Ha ke na sephiri sa letho……
Buti : Atamela kwano (A mo phamola, a mo hlaba ka thipa)
Tabakholo : (O a hwelehetsa) Thuso! Thuso! Ntate! Ntate! O entseng? (O a lla)
Nthati : Buti! Buuuti……….!!!!! (O fellwa ke moya)
(Batho ba tlile ho tla bona se etsahalang ka lapeng la Ntheme, mme maponesa a tla le koloi ya bakudi. Buti a nkuwa ke maponesa, ha e le Nthati ena o nkuwa ke koloi ya bakudi. Tabakholo a tsamaya le mmae, hoba o tlalletswe ke naha, hore o tlo sala le mang lapeng.)