(Tseleng, Buti le mora ba ntse ba ntse ba qoqa)
Tabakholo : Ntate hantle re sa intshetsa kae ?
Buti : Mora ke kgale jwale ke o mathisa dingaka, empa ke sa fumane hore se o tshwereng ke eng. Tsatsing lena ke nahanne hore nke o ke o nke re ilo hlaha kwana ha Madikalane, a ke a ilo re hlalosetsa hore bothata ba hao ke bofeng, ha feela a bona hore bo teng.
Tabakholo : Ke utlwa taba ya hao ntate, empa hobaneng re siile mme he? (A botsa a maketse)
Buti : Hoba mme wa hao ke a tseba o ne a tlo hanana le qeto ena, ke ka hoo re mo siileng, le ho se mmolelle letho hore re ya kae.
Tabakholo : Ke a utlwa Ntate, ha ho na phoso.
Buti : (O ellellwa hore ba se ba fihlile) Be! Ha e ka re se re fihlile tjee…
(Ba theoha koloing, ba kokota monyako, mme Madikalane o arabela hore ba kene. Ba rola dieta)
Buti : Makhosi! Makhosi! (O koba hlooho)
Tabakholo : Dumela Makhosi! (O phaphatha matsoho)
Madikalane : Makhosi! Makhosi!
Buti : Makhosi ke tlisitse mora enwa wa ka, hore o tlo mo hlahloba hore na bothata ba hae ke bofeng? Hoba o dula a kula empa ke sa bone hore se mo tshwereng ke eng. Le dingaka kwana sepetlele ha ba fumantshise hantle hore bothata ba hae ke eng.
Madikalane : Iyoh! Iyoh! Yebo! Yebo! Ba fatshe mpontsheng tsela hore ke bone bothata ba moshanyana enwa. (O bua le ba fatshe, e leng badimo ba hae)
Buti le Tabakholo : Makhosi! Makhosi!
Madikalane : Makhosi! Bothata ba mora wa hao bo bong to! O itlhokela feela moetlo wa habo ntatae, mme dintho tsa hae di tla kganya..iyoh! iyoh!
Buti : (O tonne mahlo) O reng Makhosi? Makhosi haeso ha ho na moetlo. (O ema ka maoto le mora wa hae) Hlalosa hantle taba tsa hao.
Madikalane : Makhosi! Makhosi! Ho bolelang hore enwa ngwana ha se wa hao wa madi. Tsamaya o ilo botsa mosadi wa hao hantle. Ke re tsamaya hona jwale!
(Ba nka dieta tsa bona, ba tswa ba potlakile mora le ntate, ba potlaketse koloing. Tseleng mona Buti o ne a kganna ka lebelo le hodimo, hore feela a fihle lapeng ho mosadi wa hae)