Bonkgono ba re; nakong tsa ne tsa kgale, ho kile ha e ba le phiri e masene, e neng e phela ka bokgopo le boqhekanyetsi bo boholo!
Phiri ena ya maralla, jwalo ka ha e ne e tsejwa morung oo e neng e phela ho ona, e kile ya ilo tsoma.
Letsatsing leo, makatikati le maqheka a mona a yona ha a ka a e sebeletsa ka nako.
E ile ya tsoma ho fihlela phako le uba!
Jwale ya ba pelo empe le ho feta, ya hla ya eba kgopo e le ka nnete!
Ya re e bona ho re jwale le hlahlamela dithaba, ya nka qheka le leng ya ntsha le leng! Ya iphumana e le thokwana le phula, eo dinone di neng di enwa ho yona. Ya nanara, e tonne mahlo hara mefilibithi, ya ba ya eba haufi le tsona. Yaba e tlola hang! ya tshwara e nngwe ya tsona.
Jwale tse ding tsa phasaphasa, tsa tlala moru, tsa tlallwa ke thota.
Jwale ya qala ho ja e tatile haholo, e bjabjaretsa fela le masapo. E itse e re kgefu, ya ba moo e utlwang hore, tjhe, ho na le ho sa lokang!
E ne e hlajuwe, ha bohloko, ke lesapo qoqothong ya yona. Lesapo leo, e ne eka le atisa bohloko motsotso o mong le o mong, oo le neng le dutse moo qoqothong ya phiri ka ona. Feela he, bosiu bo ne bo se bo totile, mme ho ne ho se letho leo e neng e ka le etsa hore e le ntshe.
Siu ba esa, ya nka leeto ka meso eo!
Ya kopana le diphoofolo tse ding, ya qala ho kopa thuso. Feela ya tea kalala! Ho se le e le nngwe, ya diphoofolo, e ka ratang ho e thusa.
Yaba e teana le kokolofitwe ya matsha, e ntse e sela. Ya re ho yona, “Hela motswalle, atamela kwano hle, ke kopa thuso ya hao.”
Kokolofitwe ya re e utlwa hore pitso eo ena le setswalle ka hare, ya re, “Ke eng motswalle?”
Phiri ya re, “Bona, ha ke sa kgona le ho bua hantle, ke hlajuwe ke lesapo qoqothong ya ka. Bohloko ba lona, bo otla pelong”.
Ya tswela pele ka hore, “Ha o ka le ntsha, nka o fa moputso o moholo!”
Kokolofitwe ya laela phiri hore e ahlame haholo.
Phiri ya etsa jwalo.
Kokolofitwe ya qala ho kenya hlooho ya yona, le molomo wa yona o molelele, ka hanong la phiri.
Ya ba ya fihla moo e tshwarang lesapo leo teng, ya ba e ya le ntsha.
Hang, ya botsa phiri hore na moputso wa yona o ho kae, ha e le moo e se e sebeditse.
Hona moo phiri ya re, “O se ke wa lebala kokolofitwe, hore hlooho ya hao e sale ka hanong la ka. Ha ke rata, nka o kwenya! Feela ke tla o lesa. Ho o lesa hoo, ke ona moputso wa hao. Ha se ba bangata, bao ke ba lesang.”
Jwale, kokolofitwe ya ya le moputso wa yona, o sa reng letho!
Ke tshomo ka mathetho.