Lerato ke motheo wa bophelo,
Bophelo boisang thabong ya ka tleho,
Tlholong ya diphephetso tsa lefatshe.

Lerato le bopilwe ka mmele,moya
Maikutlo pelo le mantswe.
Lerato lena le kgotso le thabo,
Ka mehla re leboha Ramasedi,
Ka hore fa lerato le mofutho.

Lerato le hlola tsohle,
Ebile ha lena lenyatso,
Ha lena kgethollo, ha le tsahabe letho.
Le kena hohle le sa tshohe letho,
Le kena menyako e kwetse jwalo ka metsi.
Moo le fihlileng le etsa kotsi,empa
Ya thabo.

Lerato le phutha batho,
Sa kgoho e bokeletsa ditsuonyana,
Naleng tsa phakwe,
e dipata tla sa dipheo tsa yona.

Ditsibi di re lerato le qala ka hare ho wena.
Kgubung ya moo lerato le ipopang teng,
lekolletsang motheo teng.
Mofutho wa lerato o fana ka bophelo le tshepo.

Ke mang ya sa batle ng lerato?
Ka o fela ralehloka,
Ho ba fana ka kgutso,kgotso,
Pholo bophelong ba motho.
Le na le kananelo,e seng kgethello.
Ke mpho e ntle e a mohelang,
e sa kgethe nku ka pere.
Ke mpho e hlokang batho e be ngatana engwee.
Ntja pedi ha e hlolwe ke sebata.
Le hloka ho fuwa nako letlhokomelo.

Lerato le tlisa boitshepo ka hara motho.
Le ha o le naha thote mathata a o apere,
Ha o hopola wa ratuwa,
Wa bososwla o le bala mathata ao nang le ona.

Leratong ke moo motho a fumanang phuthuloho,
Lerato ke morena,
Morena wa malapa ohle,
Lefatsheng ka bophara.