Teng o tla fumana mathata a hlwele mekwalaba
Ho le boima, empa o hahaamalletse pele
Na ebe tlatlamatjholo o kae yena Mmopi
Na e be retshepileng, teng ha Moloi a tshepile lefielo rona reba mang
Hoya nyolohela ho moepa kaha re hloka ho rwalla le sa sele, re tsebe ho hlahella ka mahetla setjhabeng
Ho tla ba jwang kamoso haoso o fetohile nkgenkge osa lahle ditaola fatshe ho hlahloba bakudi
Teng re yaya Mme Tshepo tsa Rona Di hodimo
Ngwana mosotho oye a re mohale otswa moroeleng
Mme tsena tsohle di etsahala ha okaba phuthi wa annyesa ka meso, wa tsowa ka matjheke wa sebetsa
Na kgomo ya boroko o ile wa e bona kae? Kahona o tlameha o sebetse kathatha kaha
Mamello e tswala katleho