Mme a nsiya

Ka ba yona kgutsana

E hlokang mang wee!

Ka ikutlwa ho batla ntate a ntswalang

Le teng, ne ke tla qala ho kae ho mo batla?

Ke qala ho kae ho batla motho a sa tlohang a mpatla?

Pelo ya utlwa bohloko bo sa tsweng madi

Dikgapha tsa theoha jwalo ka pula

Ka ipotsa hore ke tla llela ho mang!

Ka hopola Jehova, yena Mmopi wa ka

Le ha mme le ntate ba ka nsiya, Ramasedi o tla nthola!