SEKGOHOLA
Sa tla sana sefako
Sa bokanya tsohle nqa e le nngwe.
Tsa phasaphasa ditsuonyana.
Di batla ho ipata tlasa mapheo.
Tsa le tipatipa dikgomo ho ya hukung ya terata.
Ha e le dintja tsona tsa kata mehatla ho ya dihokong.
Sa fihla sekgohola ka bokgopo.
Aooo Banna matlo ona ha ke sa bua.
Sa tsumula ka metso sa heletsa.
Aooo Banna kgutsana tsela tsa mmileng.
Ka ipotsa potso tsena ha ke bona metsi a phalla ka sekgahla le thoto tsa batho.
Matlo a kgutsana tseo a kae?
Ke ha e le hwaaaa! Bohle ba ipatile.
Ntho e tshabehang e fete.
E fete ba sa e bone hore ke eng.
Yaba ke kgodumodumo e qeta setjhaba
Matlo, makoloi, diphoofolo yaba di Ile.
Basetse lepalapalengbana ba batho
Aooo sehloho se sekalo.