Motho o kgotsofatswa ke eng na?
Motho ke phoofolo e jwang na ? 
Motho ke phoofolo e feng ?
Motho ke ntho e jwang ?
Motho ke phoofolo e  bupilweng ka sebopeho se jwang?
Motho o ka mo kgotsofatsa jwang ?
O ikentse moleko, o nahanela wena fela.
O kgotsofala ha tsentle di etsahalla wena feela.
Motho ke ntho e jwang na?
Pelo e mafito ha ntse a bona babang ba atleha,
Hobane katleho e tshwanetse wena fela.
Motho otlo kgotsofala ne neng?
Motho o tlo kgotsofatswa ke eng?
Motho ke ntho e jwang na?
Motho ke phoofolo e jwang ?
Pelo e dula e ruruhile, ka lebaka la dikatleho tsa batho.
Pelo ya hae e dule e robehile ka lebaka la mona.
Motho ke ntho e jwang ?
Motho okeke wa mo tseba hobane ha ngolwa.