Monna keng

O tlhekefetsa eo o moratang

Eo o mo tshepisitseng hore le ha hole hobe o tla mo hlokomela.

Tsatsi le dikela ba si kgitla ka ntlung.

Monna keng

Seka sefubeng se boima.

Empa o nyaya le kolobe.

O mohale kapa moleko?

La dikela tse bohloko tsa qala.

O nwa se tsokotsang kgokgotho, ho tla ikgotsofatsa.

Ha metsi a tla o taya.

O tshenya ya senang molato bosiu.

Monna keng

Ha o sa thuse basadi le bana ba hao.

Empa o thusa ho ba hlekefetsa.

Eka o Judas o re rekisa mose mawatle.