LETHOLA
A fihla LETHOLA a sa rerisa
A fihla a patile mohwasa
A fumana e le kanana ka hara naha
Setjhaba se hlabile poqo ka hlanaka.
A feta moeding wa naha a kena motseng
Ka lenyeele e le leshodu
Leo re sa le boneng empa le le ka hara rona.
A rinya setjhaba sa marantsetse
A dula di peiping tsa moya batho ba ketowa.
Banna ho senyehile kae,re thiba jwang
Sa fela setjhaba sa heso
Hwa ba hobe lepatlelong
A laela bahlanka ho hlomela
Ba ya ntweng ba ya ho lwana le mang?
Ba tiisa dipotomane ha mathwa patlaka.
Ha thola ha re tuu le tshebeletso tsa ema tsi
Setjhaba sa ikwalla ka matlung ke kgodumodumo.
Ka nqena setjhaba se e fela.
Se ketoha sa kgoho ke mokaola.
Maboko a fapakana ho batlwa pheko le sesosa.
O fihlie LETHOLA empa ha re mmone ka mahlo
Re ipotsa hore re mo thiba jwang
Ba tsielwa ba phekodi ba batho.
Ba ketoha baphekudi ba hloka ho phekolwa
A ketoha moleng wa ntwa lebotho la fokotseha.
O sehloho LETHOLA ha o kgethe nku ka pere
A hlomela dihlomo ,a le lata letailana moetapele
A tla le tlholo a thiba bohale ba LETHOLA
Kajeno re batho re kenya dimonkwana
Re hlaba diente,ditsha tsa bafu di etelwa ka theko le nepo.
Re o rolela katiba Morena wa setjhaba le moifo wa hao o kgabane.
Le lwanne ya se dula matswapong.